Biblia Todo Logo
အွန်လိုင်း သမ္မာကျမ်းစာ

- ကြော်ငြာတွေ -




2 Marena 11:12 - BIBELE

12 Jwale moprista Jehoyada a hlahisa mora wa kgosi, a mo rwesa mofapahlooho, a mo nea le Buka ya Molao. Yaba Jowashe o a tlotswa, o etswa kgosi. Setjhaba sa opa mahofi, sa re: “Kgosi e ke e re phelele!”

အခန်းကိုကြည့်ပါ။ ကော်ပီ

Sesotho 1909/1961 (SO)

12 Moprista a tlisa mora wa morena, a mo rwesa moqhaka le bopaki; ba mmea morena, ba mo tlotsa; mme ba opa ka diatla, ba re: Ha ho phlele morena!

အခန်းကိုကြည့်ပါ။ ကော်ပီ




2 Marena 11:12
45 ပူးပေါင်းရင်းမြစ်များ  

“Yaba ke ya ho yena, ke a mo qetela, hobane ke ne ke tseba hore ha a ewa a ke ke a hlola a phela. Ka nka mofaphahlooho oo a neng a o rwetse, le sepetja se neng se le letsohong la hae, mme ke di tlisitse mona ho wena, monga ka.”


A rodisa kgosi ya motse oo mofapahlooho wa yona wa kgauta, oo boima ba wona e neng e ka ba dikilo tse mashome a mararo a metso e mehlano. O ne o kgabisitswe ka lehakwe la bohlokwa, mme Davida a ithwesa wona. Davida a tswa motseng oo a haharile kgapo e ngata.


Ha Hushai wa Moareke, motswalle wa Davida, a fihla ho Abosalome, a re ho yena: “Re phelele kgosi! Re phelele kgosi!”


Banna ba Juda ba fihla hona moo, ba tlotsa Davida hore e be kgosi ya morabe wa Juda. Ha tsebiswa Davida, ha thwe: “Banna ba Jabeshe-Gileade ke bona ba epetseng Saule.”


Ka baka leo, matlafalang, le be bahale le hoja monga lona Saule a shwele, ba morabe wa Juda ba se ba ntlotsitse hore ke be kgosi ya bona.”


Yaba baetapele bohle ba Iseraele ba ya ho kgosi e le Heborone. Kgosi Davida a etsa selekane le bona Heborone, kapele ho Morena, mme ba mo tlotsa hore e be kgosi ya Iseraele.


Kajeno o theohile, a ya etsa mahlabelo ka dipholo, le ka dinku, le ka manamane a nontshitsweng. O bile o memile bana bohle ba kgosi, le balaodi ba mabotho, le moprista Abiatare. Jwale ba ntse ba eja, ba enwa le yena, ba howa, ba re: ‘Kgosi Adoniya a ke a re phelele!’


Moprista Sadoke, le moporofeta Nathane, ba mo tlotsetse hona teng, e be kgosi ya Baiseraele. Jwale le letse lenaka, le howe, le re: ‘Kgosi Solomone a ke a re phelele!’


Moprista Sadoke a nka lenaka la ole ka Tenteng, a tlotsa Solomone. Ba letsa lenaka, mme setjhaba sohle sa howa, sa re: “Kgosi Solomone a ke a re phelele!”


Kgosi ya boela ya re ho Shimei: “O tseba bokgopo bohle bo ka pelong ya hao, boo o neng o bo etsetse Davida, ntate. Jwale Morena o o ahlolela bona.


Balebedi ba ema ba teetse kgosi hare, e mong le e mong a tshwere dihlomo tsa hae; theko ya bona ya tloha ntlheng e ka letsohong le letona la Tempele, ho isa ntlheng e ka letsohong le letshehadi, ba potapota Tempele le aletare.


Empa Jehosheba, moradi wa kgosi Jehorame, kgaitsedi ya Akasiya, a nka Jowashe, mora wa Akasiya, a mo ntsha hara bara ba kgosi, ba neng ba lokela ho bolawa. A mo pholosa ho Ataleya, a mo pata kamoo ho bolokwang diphate kateng hammoho le mohodisi wa hae, mme yaba ha a bolawe.


Ka selemo sa bosupa, Jehoyada a roma maqosa ho ya bitsa balaodi ba ba makgolo, le balebedi ba kgosi. Ba ba tlisa ho yena Tempeleng ya Morena. Jehoyada a etsa selekane le bona, a ba hlaphantshetsa ka Tempeleng ya Morena, mme a ba bontsha mora wa kgosi.


Yaba banna bohle ba hlobola diaparo tsa bona ka potlako, ba mo alla tsona hodima mehato e nyolohang, ba letsa manaka, ba re: “Jehu ke kgosi!”


Ebe o nka lenaka lena la ole, o e tshela hodima hlooho ya hae, o re: ‘Morena o bua tjena: Ke o tlotsitse hore o be kgosi ya Iseraele.’ Jwale o bule monyako, o balehe, o se ke wa dieha.”


Jwale Jehoyada a hlahisa mora wa kgosi, ba mo rwesa mofapahlooho, ba mo nea le Buka ya Molao, mme ba mo etsa kgosi. Jehoyada le bara ba hae ba mo tlotsa, mme ba re: “Kgosi e ke e re phelele!”


Kgosi ya rata Esetere ho feta basadi bohle, ya mo hauhela, ya kgahlwa ke yena ho feta barwetsana bohle. Yaba e mo rwesa mofapahlooho wa bofumahadi sebakeng sa Fashiti.


a tlisetswe seaparo se aparwang ke kgosi, a tlisetswe le pere e palangwang ke kgosi, le mofapahlooho o rwalwang ke kgosi.


Dira tsa hae ke tla di apesa dihlong; athe yena hloohong ya hae ho tla kganya mofapahlooho wa hae.”


O e neile se ratwang ke pelo ya yona, ha o a ka wa e hanela kopo e tswang molomong wa yona.


O kgahlanyeditse kgosi ka mahlohonolo, wa e rwesa mofapahlooho wa kgauta e hlwekisitsweng.


Pesalema ya bara ba Kora, e qapetsweng motsamaisi wa dibini.


O ile a fa leloko la Jakobo ditemoso, a beela Iseraele Molao; a laela bo-ntata rona ho o tsebisa bana ba bona,


Leha ho le jwalo, o halefetse motlotsuwa wa hao, wa mo lahla, wa mo nyedisa.


Dinoka di ke di ope diatla, dithaba kaofela di etse ditlatse


Ka arekeng o tla kenya matlapa a ngotsweng Molao, ao ke tla o nea wona.


Modimo ha a qeta ho bua ho Moshe a le thabeng ya Sinai, a mo nea matlapa a mabedi a ngotsweng Molao, matlapa a ngotsweng ka monwana wa Modimo.


Le tla tloha ka thabo, kgotso e le eteletse pele, dithaba le maralla di bine le di tadimile, fate tsohle tsa naha di le opele mahofi.


Molaetsa ona wa ka le o boloke, thuto ya ka e manehwe dipelong, pelong tsa barutuwa ba ka.


Hlahlobang molao le bopaki ba ka! Haeba ba sa bue ho ya ka dipolelo tsena, ke hobane ha ho na lesedi le ba tjhabelang.


Motlotsuwa wa Morena, eo re phelang ka yena, o ila wela mameneng a bona; yena eo re neng re bua ka yena, re re: “Tlasa moriti wa hae re tla phela hara baditjhaba!”


Ba bua ho kgosi Nebukadenesare, ba re: “Oho, wena kgosi, ako re phelele kamehla yohle!


Yaba Daniele o re ho kgosi: “Wena kgosi, ako re phelele!


Matshwele a neng a mo eteletse pele, le a neng a etla kamorao a howa, a re: “Hosanna ho Mora wa Davida! Ho bokwe ya tlang ka lebitso la Morena! Hosanna mahodimong a hodimodimo!”


ba loha mofapahlooho ka meutlwa, ba mo rwesa wona, ba mo tshwarisa leqala ka letsoho le letona, ba kgumama pela hae, ba mo soma, ba re: “Ahe! Kgosi ya Bajuda!”


“Ruri, motseng ona, Heroda le Pontiuse Pilato, le baditjhaba, le merabe ya Iseraele, ba kopane ho lwantsha Jesu, mohlanka wa hao ya halalelang, eo o mo tlotsitseng,


Ke Modimo ka boyena ya re tiisang mmoho le lona ho Kreste; ya re tlotsitseng,


O rata ho loka, o hloile bokgopo; kahoo Modimo, Modimo wa hao, o o tlotsitse ka ole ya thabo, ho ena le balekane bohle ba hao.”


Empa seo re se bonang ke Jesu ya beilweng katlasana ho mangeloi ka nakwana, a rweswa mofapahlooho wa tlotla le hlompho ka baka la mahloko a lefu la hae, e le hore ka mohau wa Modimo a tle a shwele bohle.


Mahlo a hae a jwaloka malakabe a mollo, hloohong o rwetse mefapahlooho e mengata; o na le lebitso le ngotsweng hodima hae, leo ho seng ya le tsebang, haese yena feela.


Samuele a nka lenaka la ole, a e tshela hloohong ya Saule, a mo aka, a re: “Morena o o tlotsa ka ole hore o be kgosi ya setjhaba sa hae. O tla busa setjhaba sa hae, e leng Baiseraele, mme o se namolele ho dira tsa sona tse se potapotileng. Hona e tla ba pontsho ya hore Morena o o tlotsitse ho ba kgosi ya setjhaba sa hae.


Samuele a re ho setjhaba sohle: “Na le mmone ya kgethilweng ke Morena? Le hore ha ho le ya mong ya tshwanang le yena hara setjhaba sohle?” Setjhaba sohle sa howeletsa, sa re: “Kgosi e ke e re phelele!”


Samuele a nka lenaka la ole, mme a mo tlotsa bana babo ba ntse ba le teng. Ho tloha ka letsatsi leo, ho ya pele, Moya wa Morena wa theohela hodima Davida ka matla. Yaba Samuele o a tsamaya, o boela Rama.


ကြှနျုပျတို့နောကျလိုကျပါ:

ကြော်ငြာတွေ


ကြော်ငြာတွေ