Biblia Todo Logo
အွန်လိုင်း သမ္မာကျမ်းစာ

- ကြော်ငြာတွေ -




2 Marena 11:11 - BIBELE

11 Balebedi ba ema ba teetse kgosi hare, e mong le e mong a tshwere dihlomo tsa hae; theko ya bona ya tloha ntlheng e ka letsohong le letona la Tempele, ho isa ntlheng e ka letsohong le letshehadi, ba potapota Tempele le aletare.

အခန်းကိုကြည့်ပါ။ ကော်ပီ

Sesotho 1909/1961 (SO)

11 Dititimi tsa ema di ena le dihlomo tsa tsona matsohong a tsona, ho qala ntlheng ya le letona la ntlo ho isa ntlheng ya le letshehadi la ntlo, mabapa le aletare le ntlo, di teetse morena hare.

အခန်းကိုကြည့်ပါ။ ကော်ပီ




2 Marena 11:11
9 ပူးပေါင်းရင်းမြစ်များ  

Moprista a nea balaodi ba ba makgolo marumo a kgosi Davida, le dithebe tsa hae, tse neng di le ka Tempeleng ya Morena.


Jwale moprista Jehoyada a hlahisa mora wa kgosi, a mo rwesa mofapahlooho, a mo nea le Buka ya Molao. Yaba Jowashe o a tlotswa, o etswa kgosi. Setjhaba sa opa mahofi, sa re: “Kgosi e ke e re phelele!”


Le tla teela kgosi hare, motho le motho a tshwere dihlomo tsa hae. Ya tla leka ho le phunyeletsa a bolawe! Le be le kgosi hohle moo e yang teng.”


Yaba Solomone o ema kapele ho aletare ya Morena, moo setjhaba sohle sa Iseraele se ntseng se bona, a phakalatsa matsoho.


“O tla bea aletare ya setjheso kapele ho monyako wa Leaho, Tente ya Morena;


Yaba o nkenya ka lebaleng la Tempele ya Morena le kahare. Hona monyakong oo wa Tempele, pakeng tsa mathule a yona le aletare, ho ne ho ena le banna ba ka bang mashome a mabedi a metso e mehlano. Dikotlo tsa bona di ne di furaletse Tempele ya Morena, difahleho tsa bona di tadimile botjhabela. Ba ne ba kgumamela letsatsi le ka botjhabela.


Pakeng tsa lethule, lethule la Tempele le aletare, baprista, bahlanka ba Morena, ba lle, ba re: “Hauhela tjhaba sa hao, Morena; tjhaba sa hao se se fetohe sekgobo, sa fetoha sesomo hara baditjhaba, esere baditjhaba ba se soma, ba re: ‘O kae Modimo eo wa bona?’ ”


hore madi wohle a ba lokileng a tsholotsweng lefatsheng a botswe ho lona ho qala ka madi a Abele ya lokileng, ho ya fihla ho a Sakariya, mora Barakiase, eo le neng le mmolaele pakeng tsa sehalalelo le aletare.


ho tloha mading a Abele, ho ya fihla mading a Sakariya, ya ileng a timetswa pakeng tsa aletare le Tempele.’ E, ke a le bolella, a tla batlwa ho moloko ona.


ကြှနျုပျတို့နောကျလိုကျပါ:

ကြော်ငြာတွေ


ကြော်ငြာတွေ