Biblia Todo Logo
အွန်လိုင်း သမ္မာကျမ်းစာ

- ကြော်ငြာတွေ -




2 Marena 10:7 - BIBELE

7 Yare ha lengolo le fihla ho bona, ba tshwara bara ba kgosi ba mashome a supileng, ba ba bolaya, ba kenya dihlooho tsa bona ka dirotong, ba di romela Jesereele, ho Jehu.

အခန်းကိုကြည့်ပါ။ ကော်ပီ

Sesotho 1909/1961 (SO)

7 Lengolo ha le fihla ho bona ba nka bara ba morena, ba ba bolaya, e le ba mashome a supileng; ba hlomela dihlooho tsa bona ka diroto, ba di romela ho yena Jisreele.

အခန်းကိုကြည့်ပါ။ ကော်ပီ




2 Marena 10:7
9 ပူးပေါင်းရင်းမြစ်များ  

O tle o fihle o re ho yena: ‘Morena o bua tjena: Na o fela o bolaile Nabote, o bile o inketse tshimo ya hae?’ O boele o re ho yena: ‘Morena o bua tjena: Hona moo, moo dintja di ileng tsa qaphela madi a Nabote hona teng, le wena madi a hao di tla a qaphela hona teng.’ ”


Ke tla o dihela koduwa, ke fedise ditloholo tsa hao. Ke tla bolaya ba batona bohle ba lelapa la Akabe, naheng ya Iseraele; e ka ba makgoba kapa ba lokolohileng.


Jwale Jehu a ba ngolla lengolo la bobedi, a re: “Haeba le le ba ka, mme eba le tla mamela ditaelo tsa ka, hosasane, ka yona nako ena, le nke dihlooho tsa bara ba monga lona, le tle ho nna mona Jesereele.” Bara ba kgosi ba ne ba le mashome a supileng, ba le matsohong a banna ba baholo ba motse, ba ba hodisitseng.


Moromuwa a fihla ho Jehu, a re: “Ba tlisitse dihlooho tsa bara ba kgosi Akabe.” Yaba Jehu o re: “Di etseng diqubu tse pedi, le di bee kgorong ya motse ho fihlela hosasane, hoseng.”


Ka la hosasane, e sa le hoseng, Jehu a tswa, a ya ema kgorong ya motse, a re ho setjhaba sohle se teng moo: “Lona ha le na molato. Ke nna ya ileng a rera monga ka, ka mmolaya. Empa baa bohle ba bolailwe ke mang?


Ha Ataleya, mma Akasiya, a bona hore mora wa hae o shwele, a tsamaya, a ya bolaya bana bohle ba lelapa la kgosi.


Ha Jehorame a se a entswe kgosi, ho hlahlama ntatae, a imatlafatsa, a bolaya bana babo kaofela ka sabole, le mahosana a mang a Iseraele.


ကြှနျုပျတို့နောကျလိုကျပါ:

ကြော်ငြာတွေ


ကြော်ငြာတွေ