Biblia Todo Logo
အွန်လိုင်း သမ္မာကျမ်းစာ

- ကြော်ငြာတွေ -




2 Marena 10:6 - BIBELE

6 Jwale Jehu a ba ngolla lengolo la bobedi, a re: “Haeba le le ba ka, mme eba le tla mamela ditaelo tsa ka, hosasane, ka yona nako ena, le nke dihlooho tsa bara ba monga lona, le tle ho nna mona Jesereele.” Bara ba kgosi ba ne ba le mashome a supileng, ba le matsohong a banna ba baholo ba motse, ba ba hodisitseng.

အခန်းကိုကြည့်ပါ။ ကော်ပီ

Sesotho 1909/1961 (SO)

6 A eketsa a ba ngolla lengolo, a re: Ha le fela le nkemela, mme le rata ho utlwa lentswe la ka, nkang dihlooho tsa batho bao, e leng bara ba monga lona, le tle ho nna Jisreele hosasane, ha ho le jwalo. Bara ba morena, e leng batho ba mashome a supileng, ba ne ba le ha baholo ba motse ba ba hodisang.

အခန်းကိုကြည့်ပါ။ ကော်ပီ




2 Marena 10:6
13 ပူးပေါင်းရင်းမြစ်များ  

Mookamedi wa lelapa la kgosi, le mmusi wa motse, le baholo ba setjhaba, le bahodisi ba bana ba Akabe, ba romela molaetsa ho Jehu, ba re: “Re bahlanka ba hao, mme re tla etsa tsohle tseo o tla re laela tsona. Ha re ka ke ra bea kgosi e nngwe; wena etsa seo o bonang se lokile.”


Yare ha lengolo le fihla ho bona, ba tshwara bara ba kgosi ba mashome a supileng, ba ba bolaya, ba kenya dihlooho tsa bona ka dirotong, ba di romela Jesereele, ho Jehu.


Ka la hosasane, e sa le hoseng, Jehu a tswa, a ya ema kgorong ya motse, a re ho setjhaba sohle se teng moo: “Lona ha le na molato. Ke nna ya ileng a rera monga ka, ka mmolaya. Empa baa bohle ba bolailwe ke mang?


Jehu a tadima fesetereng, a re: “Ke mang ya ka lehlakoreng la ka? Ke mang?” Yaba basebeletsi ba babedi kapa ba bararo ba a mo tadima.


Modimo o isa kotlo tsa motho baneng ba hae; eka a ka be a otla yena mo-di-etsi, a mo otle le yena a tla ikutlwele.


Morena a re ho Moshe: “Nka baetapele bohle ba setjhaba, o ba fanyehe kapele ho Morena, motsheare, tsatsi le itse nte! Kgalefo ya Morena e tlokomang e tle e faposwe Baiseraele.”


“Ya sa emang le nna o a ntwantsha, mme ya sa bokelleng le nna o a qhalanya.


Jesu a re ho yena: “Le se ke la mo thibela, hobane ya sa le lwantsheng o eme le lona.”


O se ke wa di kgumamela, mme o se ke wa di sebeletsa, hobane nna, Morena Modimo wa hao, ke Modimo ya boulelang, ya otlang bana ka baka la bokgopo ba bo-ntata bona, ho isa molokong wa boraro le wa bone wa ba nltlhoileng.


ကြှနျုပျတို့နောကျလိုကျပါ:

ကြော်ငြာတွေ


ကြော်ငြာတွေ