Biblia Todo Logo
အွန်လိုင်း သမ္မာကျမ်းစာ

- ကြော်ငြာတွေ -




2 Marena 10:4 - BIBELE

4 Empa ba kenwa ke tshabo e kgolo, ba re: “Jehu o hlotse dikgosi tse pedi! Rona re ka mo etsang?”

အခန်းကိုကြည့်ပါ။ ကော်ပီ

Sesotho 1909/1961 (SO)

4 Ba mpa ba tshaba haholoholo, ba re: Marena a mabedi a sitilwe ho ema pela hae; rona re ka ema jwang?

အခန်းကိုကြည့်ပါ။ ကော်ပီ




2 Marena 10:4
8 ပူးပေါင်းရင်းမြစ်များ  

le kgethe e mong wa bara ba monga lona, eo le bonang a lokela, a bile a tshwanela, le mmee teroneng ya ntatae, mme le lwanele ntlo ya monga lona.”


Jehu a hula seqha sa hae ka matla a hae kaofela, a fula Jorame pakeng tsa mahetla, motsu wa ba wa ya tswa pelong, mme a re sihla! ka kariking ya hae ya ntwa.


Ha Akasiya, kgosi ya Juda, a bona hona, a baleha ka tsela e lebang Bethekane. Jehu a mo salama, a re: “Le yena enwa mo fulelleng ka kariking ya hae ya ntwa!” Ba mo fula ha a le moepeng o nyolohelang Gure, haufi le Jibeleame. Akasiya a balehela Megido, a ya shwela teng.


Ako e ame ka letsoho la hao! Ntwa e tla ba ya kgumamela; o ke ke be wa hlola o pheta hape!


Ho halefa ha ke a halefa. Ha ho ne ho eme hlabahlabane, ho eme le meutlwa kapele ho nna, ke ne ke tla e futuhela ke e lwantshe, ke e hatakele kaofela ha yona, ke e tjhese.


“Jwaloka tau e tswang merung ya Jorodane, e etswa ho ya makgulong a matalana, ka ho panya ha ntshi Edomo ke tla e leleka, ke e leleke naheng e le ya yona. Ba tla sireletswa ke mang ha ke ba otla? Ya ka tshwanang le nna ebe ke mang? Ya ka nkisang kgotla yena ke mang? Moetapele ke ofe ya ka nkemang kapele?”


Ha Morena a halefile, ya ka tiisetsang ke mang? Ha kgalefo ya Morena e tlokoma ya ka e mamellang ke mang? Kgalefo ya hae e tuka sa malakabe kapele ho yena mafika a a pshatleha.


“Kapa kgosi ke efe, eo ereng ha e ya thulana le kgosi e nngwe ntweng, e sa duleng pele ho imamella hore na ka bahlabani ba kete tse leshome e ka ba le matla a ho kgahlanyetsa e e futuhelang e ena le ba kete tse mashome a mabedi na?


ကြှနျုပျတို့နောကျလိုကျပါ:

ကြော်ငြာတွေ


ကြော်ငြာတွေ