Biblia Todo Logo
အွန်လိုင်း သမ္မာကျမ်းစာ

- ကြော်ငြာတွေ -




2 Marena 10:30 - BIBELE

30 Jwale Morena a re ho Jehu: “Kahobane a entse hantle ha o phethahatsa tseo mahlong a ka di lokileng, mme lelapa la Akabe o le entse tsohle tseo ke neng ke di rata, bana ba hao ba tla dula teroneng ya Iseraele ho isa molokong wa bone.”

အခန်းကိုကြည့်ပါ။ ကော်ပီ

Sesotho 1909/1961 (SO)

30 Jehova a ntoo re ho Jehu: Erekaha o phethile hantle tse leng ntle mahlong a ka, wa etsa ka ntlo ya Akabe ka tsohle tse neng di le pelong ya ka, bara ba hao ba tla dula teroneng ya Iseraele ho isa molokong wa bone.

အခန်းကိုကြည့်ပါ။ ကော်ပီ




2 Marena 10:30
13 ပူးပေါင်းရင်းမြစ်များ  

Moporofeta eo a re ho kgosi: “Morena o bua tjena: ‘Kahobane o lokolotse motho eo ke neng ke rerile hore a timetswe, o tla bolawa bakeng sa hae; le setjhaba sa hao se bolawe bakeng sa setjhaba sa hae.’ ”


Lelapa la hao ke tla le etsa jwalokaha ke ne ke etse lelapa la Jeroboame, mora wa Nebate, le jwalokaha ke ne ke etse lelapa la Basha, mora wa Ahiya, hobane o mphepheditse hoo ke bileng ke o halefetseng; o entse hore Baiseraele ba sitelwe Morena.”


“Na o bona kamoo Akabe a ikokobeleditseng nna kateng? Kahobane a ikokobeleditse nna, koduwa ena e ke ke ya eba teng mehleng ya hae; ke tla e dihela hodima lelapa la Akabe mehleng ya mora wa hae.”


Jehu a shwa, mme a epelwa Samaria. Mora wa hae, Jehowakase, a mo hlahlama.


Ka selemo sa mashome a mabedi a metso e meraro sa puso ya Jowashe, mora wa Akasiya, kgosi ya Juda, Jehowakase, mora wa Jehu, a qala ho busa naha ya Iseraele, a le Samaria. A busa ka dilemo tse leshome le metso e supileng.


Ka selemo sa mashome a mararo a metso e supileng sa puso ya Jowashe, kgosi ya Juda, Jehowashe, mora wa Jehowakase, a qala ho busa naha ya Iseraele, a le Samaria. A busa ka dilemo tse leshome le metso e tsheletseng.


Ka selemo sa leshome le metso e mehlano sa puso ya Amasia, mora wa Jowashe, kgosi ya Juda, Jeroboame, mora wa Jehowashe, kgosi ya Iseraele, a qala ho busa, a le Samaria. A busa ka dilemo tse mashome a mane a motso o mong.


Jeroboame a shwa, a epelwa le dikgosi tsa Iseraele, Sakariya, mora wa hae, a mo hlahlama.


Jwale Morena a re ho Hosea: “Mo ree lebitso la Jesereele, hoba haufinyane ntlo ya Jehu ke tla e otla, ke e otle, ke phetetse madi a Jesereele, bokgosi ba Baiseraele ke bo fedise.


Ke tla le bolaya ka sabole, ho phetetsa selekane sa ka hobane le se sentse. Leha le ka la phuthehela metseng ya lona, ke tla le romela lefu la sewa, mme ke le neele dira tsa lona.


ကြှနျုပျတို့နောကျလိုကျပါ:

ကြော်ငြာတွေ


ကြော်ငြာတွေ