Biblia Todo Logo
အွန်လိုင်း သမ္မာကျမ်းစာ

- ကြော်ငြာတွေ -




2 Marena 10:25 - BIBELE

25 Hanghang hoba Jehu a qete ho etsa nyehelo ya setjheso, a re ho balebedi le ho balaodi: “Kenang, le ba bolaye! Ho se be le ya mong ya ka tswang!” Ba ba bolaya ka disabole. Balebedi le balaodi ba ba lahlela kantle, ba nto kena kaharehare ho tempele ya Baale.

အခန်းကိုကြည့်ပါ။ ကော်ပီ

Sesotho 1909/1961 (SO)

25 Ha ba qetile ho hlahisa ditjheso, Jehu a re ho dititimi le ho matona: Kenang, le ba bolaye; ho se ke ha tswa leha a le mong. Ba ba bolaya bohle ka lerumo. Dititimi le matona ba ntoo ba lahlela kantle, mme ba kena le motseng wa ntlo ya Baale.

အခန်းကိုကြည့်ပါ။ ကော်ပီ




2 Marena 10:25
10 ပူးပေါင်းရင်းမြစ်များ  

Elia a re ho bona: “Tshwarang baporofeta ba Baale, le se ke la tlohela le ya mong wa bona a phonyoha!” Ba ba tshwara, Elia a ba theolela ka molatswaneng wa Kishone, a ba bolaela hona moo.


Setjhaba sohle sa naha eo sa kena ka tempeleng ya Baale, sa e heletsa, sa thuakanya dialetare le ditshwantsho tsa hae, sa di etsa thuethue, sa bolaela Matane, moprista wa hae, kapele ho dialetare. Moprista Jehoyada a kgethela Tempele ya Morena balebedi.


Baprista bohle ba dibaka tseo ho rapellwang medimo ya bohata ho tsona, ba neng ba le moo, a ba bolaela hodima dialetare tseo, a tjhesetsa le masapo a batho hodima tsona, a nto kgutlela Jerusalema.


“Ya etsetsang medimo esele mahlabelo, o lokela ho timetswa.


Jwale a re ho bona: “Morena Modimo wa Iseraele, o bua tjena: ‘Motho ka mong a nke sabole ya hae, a kene ka monyako ona, a tswe ka monyako wane, diahelong tsohle, a bolaye ngwanabo, a bolaye motswalle wa hae, a bolaye le ya ahelaneng le yena.’ ”


Kgosi ya re ho balebedi ba neng ba e potapotile: “Tloong, le bolaye baprista ba Morena, hobane ba thusana le Davida. Ba bile ba tseba hore o balehile, empa ha ba a ka ba ntsebisa.” Empa bahlanka ba kgosi ba se ke ba bolaya baprista ba Morena.


ကြှနျုပျတို့နောကျလိုကျပါ:

ကြော်ငြာတွေ


ကြော်ငြာတွေ