Biblia Todo Logo
အွန်လိုင်း သမ္မာကျမ်းစာ

- ကြော်ငြာတွေ -




2 Marena 10:18 - BIBELE

18 Jehu a kgobokanya setjhaba sohle, mme a re ho sona: “Akabe o ile a sebeletsa Baale hanyenyane, empa Jehu yena o tla sebeletsa Baale haholo.

အခန်းကိုကြည့်ပါ။ ကော်ပီ

Sesotho 1909/1961 (SO)

18 Yaba Jehu o bokella setjhaba sohle, a re ho sona: Akabe o sebeleditse Baale hanyenyane, Jehu yena o tla mo sebeletsa haholo.

အခန်းကိုကြည့်ပါ။ ကော်ပီ




2 Marena 10:18
9 ပူးပေါင်းရင်းမြစ်များ  

Kahoo, mane thabeng ya Karamele, mmemele pitso ya Baiseraele bohle, le baporofeta ba Baale ba makgolo a mane le mashome a mahlano, le baporofeta ba Ashera ba makgolo a mane, ba feptjwang ke Jesabele.”


Yaba Elia o re ho setjhaba: “Ke nna ke le mong feela ya setseng wa baporofeta ba Morena, athe baporofeta ba Baale bona ba makgolo a mane le mashome a mahlano.


Elia a re ho bona: “Tshwarang baporofeta ba Baale, le se ke la tlohela le ya mong wa bona a phonyoha!” Ba ba tshwara, Elia a ba theolela ka molatswaneng wa Kishone, a ba bolaela hona moo.


Ba furalla melao yohle ya Morena Modimo wa bona: Ba ipopela ditshwantsho tse pedi tsa manamane, ba iketsetsa setshwantsho sa Ashera; ba kgumamela letsatsi, le kgwedi, le dinaledi, ba sebeletsa Baale.


A etsa bobe mahlong a Morena, le hoja bo sa ka ba ba bokaalo ka ba ntatae le ba mmae. O ile a tlosa sefika sa Baale, seo ntatae a neng a se hlomme.


Na le buella Modimo ka ho bua bokgopo? Na le ka mmuella ka ho bua mashano?


Na ha ho molemo hore re etse bobe, e le hore tse molemo di tle di hlahe, jwalokaha ba bang ba re etseletsa, ka ho re re rialo? Bona ba lokelwa ke kahlolo.


Qetellong, bana beso, tsohle tseo e leng nnete, tsohle tse hlomphehang, tsohle tse lokileng, tsohle tse hlwekileng, tsohle tse ratehang, tsohle tse babatsehang, leha e le eng le eng e kgabane le e rorisehang, tsena le di nahane.


ကြှနျုပျတို့နောကျလိုကျပါ:

ကြော်ငြာတွေ


ကြော်ငြာတွေ