2 Marena 10:14 - BIBELE14 Jehu a re: “Ba tshwareng!” Ba ba tshwara, ba ba bolaela pela sediba se hona moo Motebong. E ne e le banna ba mashome a mane a metso e mmedi, mme ba se ke ba siya le ya mong. အခန်းကိုကြည့်ပါ။Sesotho 1909/1961 (SO)14 A re: Ba tshwareng ba sa utlwa. Mme ba ba tshwara ba sa utlwa, ba ba bolaela lemeneng la ntlo ya badisa; e le banna ba mashome a mane a metso e mmedi, ho se ke ha tlola le a mong. အခန်းကိုကြည့်ပါ။ |
Hoba Jehu a tlohe moo Motebong, a kopana le Jehonadabe, mora wa Rekabe, a etla ho tla mo kgahlanyetsa. Jehu a mo dumedisa, mme a re ho yena: “Na o nthata jwalokaha ke o rata?” Jehonadabe a araba, a re: “Ho jwalo!” Jehu a re: “Haeba ho le jwalo, ntshware ka letsoho.” Jehonadabe a mo tshwara ka letsoho, mme Jehu a mo hlwesetsa ka kariking ya ntwa.
Jwale Jehu a ba ngolla lengolo la bobedi, a re: “Haeba le le ba ka, mme eba le tla mamela ditaelo tsa ka, hosasane, ka yona nako ena, le nke dihlooho tsa bara ba monga lona, le tle ho nna mona Jesereele.” Bara ba kgosi ba ne ba le mashome a supileng, ba le matsohong a banna ba baholo ba motse, ba ba hodisitseng.