Biblia Todo Logo
အွန်လိုင်း သမ္မာကျမ်းစာ

- ကြော်ငြာတွေ -




2 Marena 10:10 - BIBELE

10 Jwale tsebang hore tsohle tseo Morena a di buileng ka lelapa la Akabe di tla phethahala, hobane Morena o entse seo a neng a se bue ka mohlanka wa hae Elia.”

အခန်းကိုကြည့်ပါ။ ကော်ပီ

Sesotho 1909/1961 (SO)

10 Tsebang jwale hore ha ho taba le e nngwe eo Jehova a e boletseng hodima ntlo ya Akabe, e tla wela fatshe; Jehova o entse seo a se boletseng ka Elia, mohlanka wa hae.

အခန်းကိုကြည့်ပါ။ ကော်ပီ




2 Marena 10:10
13 ပူးပေါင်းရင်းမြစ်များ  

O tle o fihle o re ho yena: ‘Morena o bua tjena: Na o fela o bolaile Nabote, o bile o inketse tshimo ya hae?’ O boele o re ho yena: ‘Morena o bua tjena: Hona moo, moo dintja di ileng tsa qaphela madi a Nabote hona teng, le wena madi a hao di tla a qaphela hona teng.’ ”


“Na o bona kamoo Akabe a ikokobeleditseng nna kateng? Kahobane a ikokobeleditse nna, koduwa ena e ke ke ya eba teng mehleng ya hae; ke tla e dihela hodima lelapa la Akabe mehleng ya mora wa hae.”


Ha a fihla Samaria, a bolaya masalla wohle a ba lelapa la Akabe, a neng a le moo Samaria. A fedisa lelapa leo, ho ya kamoo Morena a neng a laele Elia kateng.


Tsena di phethahetse ho ya ka polelo ya Morena, eo a neng a e bue ho Jehu, a re: “Bana ba hao, ho isa molokong wa bone, ba tla busa setjhaba sa Iseraele.” Ho ile ha fela ha eba jwalo.


Ka baka leo, ba kgutla, ba tla tsebisa Jehu. Yena a re: “Ena ke yona polelo ya Morena, eo a neng a e bue ka mohlanka wa hae Elia wa Tishebe, a re: ‘Dintja di tla jella setopo sa Jesabele tshimong ya Jesereele.


Kgosi ya re ho Hamane: “Potlaka he o nke seaparo seo, le pere eo, mme Moredekai wa Mojuda, ya dutseng monyakong wa ntlo ya kgosi, o mo etse jwalokaha o boletse, o phethe tsohle tseo o di boletseng.”


Ka bahlanka ba hae, e leng baporofeta, Modimo o ile a nea baholoholo ba lona melao le ditaelo, empa ba se ke ba mamela, yaba Modimo o a ba otla. “Jwale ba baka, ba re: ‘Morena wa mabotho o ne a rerile ho re otla ka baka la metsamao ya rona le diketso tsa rona, mme o fela a phethile jwalo.’ ”


Lehodimo le lefatshe di tla fela, empa mantswe a ka ha a ka ke a fela.”


Modimo, e leng tlotla ya Iseraele, a ke ke a bua leshano, kapa a fetola maikutlo a hae. Yena hase motho, hoo a ka fetolang maikutlo a hae.”


Samuele a nna a hola, Morena a nna a ba le yena, mme Morena a phethahatsa mantswe wohle a hae.


ကြှနျုပျတို့နောကျလိုကျပါ:

ကြော်ငြာတွေ


ကြော်ငြာတွေ