2 Marena 1:16 - BIBELE16 Elia ha a fihla ho kgosi, a re: “Morena o buo tjena: ‘Kahobane o rometse maqosa ho ya disetsa ho Baale-Sebube, modimo wa Ekerone, jwalokaha eka naheng ena ya Iseraele ha ho na Modimo eo o ka mmotsang, o ke ke wa hlola o tsoha diphateng tsa hao; ke a o tiisetsa o tla shwa!’ ” အခန်းကိုကြည့်ပါ။Sesotho 1909/1961 (SO)16 A re ho yena: Jehova o re: Erekaha o rometse manqosa ho botsa Baale-Sebube, modimo wa Ekrone, jwaloka eka ha ho Modimo Iseraeleng, oo o ka botsang taba ho wona, ka baka leo, ha o ka ke wa theoha malaong ana o robetseng ho wona, empa o tla shwa ruri. အခန်းကိုကြည့်ပါ။ |
A re ho yona: “Monna e mong o ile a nyoloha, a re kgahlanyetsa tseleng, a re ho rona: ‘Kgutlelang ho kgosi e le rommeng, mme le re ho yona, Morena o bua tjena: Na Modimo ha a yo moo naheng ya Iseraele, ha e le moo o roma maqosa ho ya disetsa ho Baale-Sebube, modimo wa Ekerone? Ka baka lena, o ke ke wa hlola o tsoha diphateng tsa hao, hobane ke a o tiisetsa o tla shwa.’ ”
“Ka lebaka lena, bua le bona, o re: ‘Morena Modimo o bua tjena: Ha Moiseraele ofe kapa ofe ya rapelang modingwana wa bohata ka pelong ya hae, ya beang sekgopi sa dibe tsa hae kapele ho sefahleho sa hae, a etla ho moporofeta, ke nna Morena ya tla mo arabela, ho latela bongata ba medingwana ya hae ya bohata.