Biblia Todo Logo
အွန်လိုင်း သမ္မာကျမ်းစာ

- ကြော်ငြာတွေ -




2 Marena 1:10 - BIBELE

10 Empa Elia a araba molaodi eo wa ba mashome a mahlano, a re: “Haeba ke fela ke le moporofeta wa Modimo, mollo a o ke o theohe lehodimong, o o fedise, wena le bahlabani ba hao ba mashome a mahlano.” Mollo wa theoha lehodimong, wa mo fedisa mmoho le bahlabani ba hae ba mashome a mahlano.

အခန်းကိုကြည့်ပါ။ ကော်ပီ

Sesotho 1909/1961 (SO)

10 Elia a fetola molaodi wa ba mashome a mahlano, a re ho yena: Ha ke le monna wa Modimo, mollo ha o theohe lehodimong, o o bolaye wena le ba hao ba mashome a mahlano. Yaba mollo o theoha lehodimong, wa mmolaya le ba hae ba mashome a mahlano.

အခန်းကိုကြည့်ပါ။ ကော်ပီ




2 Marena 1:10
22 ပူးပေါင်းရင်းမြစ်များ  

Mmikiya a re: “Haeba o ka kgutla ka kgotso, etlaba hase Morena ya buileng ka molomo wa ka.” Yaba o re: “Ebe le utlwile, lona bohle!”


Kgosi ya boela ya roma molaodi e mong wa bahlabani ba mashome a mahlano, le bahlabani ba hae. Molaodi eo le yena a fihla a re ho Elia: “Oho, moporofeta wa Modimo, taelo ya kgosi ke ena: ‘Theoha kapelepele!’ ”


Empa ba soma maqosa ao a Modimo, ba nyedisa dipolelo tsa hae, ba bapala ka baporofeta ba hae, ho fihlela kgalefo ya Morena e ba tlokomela hoo ho neng ho se ho se pheko.


Yare leqosa leo le sa ntsane le bua, le leng la fihla, la re: “Letolo le ile la theoha lehodimong, la tjhesa dikgutshwane, le bahlanka ba hao, ha re lore! Ke nna feela ya phonyohileng ho tla o tsebisa.”


“Le se ke la ama batlotsuwa ba ka, le se ke la etsa baporofeta ba ka hampe.”


Mollo wa tuka hara sehlopha sa bona, malakabe a wona a tjhesa bao ba kgopo.


Ka baka la hobane kgosi e ne e entse taelo e thata ya hore sebopi se beswe ho feta tekanyo, malakabe a mollo a ile a bolaya banna ba neng ba kakasitse bo-Shaderaka le Meshake le Abedenego.


Kgosi ya re: “Bonang! Ke bona banna ba bane ba tlamolotsweng, ba ntseng ba itsamaela hara mollo, empa ba sa tjhe. Sebopeho sa monna wa bone se tshwana le sa modimo!”


Kgosi ya laela hore ho tliswe banna ba ileng ba qosa Daniele, mme banna bao, le bana ba bona, le basadi ba bona ba akgelwa ka mokoting o moholo wa ditau. Hang feela ba eso ka ba re qi! fatshe, kahara ditau, ditau tseo tsa ba qhautsa, tsa ba robokela kaofela ha bona.


Yaba mollo o tswa ho Morena, wa ba tjhesa, mme ba shwela kapele ho Morena.


Setjhaba sa korotla haholo moo Morena a ntseng a utlwa. Ha Morena a utlwa, bohale ba hae ba tlokoma, mollo wa Morena wa se laimela, wa tjhesa meedi ya diahelo lore!


Mollo wa theoha o etswa ho Morena, wa timetsa banna bana ba makgolo a mabedi le mashome a mahlano ba ileng ba nyehela ka mokubetso.


Ba re ho yena: “Batho bao ba kgopo o tla ba timetsa hampe, tshimo a e nee balemi ba bang ho e lema seahlolo, ba tla mo nea seabo sa kotulo ka nako ya sona.”


Yare ha barutuwa ba hae, Jakobo le Johanne, ba bona hoo, ba re: “Morena, na o rata hore re re mollo o theohe lehodimong, o ba fedise?”


Ha Heroda a mmatla, mme a sa mo fumane, a botsisisa balebedi, a nto laela hore ba bolawe. Yaba Heroda o theoha Judea, o ya Sesaria, mme a dula teng.


hobane Modimo wa rona ke mollo o tjhesang lore!


Haeba motho a ka rata ho di ntsha kotsi, mollo o betsehang melomong ya tsona o timetsa dira tsa tsona. Haeba motho a ka rata ho di ntsha kotsi, eka kgona a bolawe jwalo.


ကြှနျုပျတို့နောကျလိုကျပါ:

ကြော်ငြာတွေ


ကြော်ငြာတွေ