Biblia Todo Logo
အွန်လိုင်း သမ္မာကျမ်းစာ

- ကြော်ငြာတွေ -




2 Johanne 1:6 - BIBELE

6 Seo lerato le leng sona ke hore re tsamaye ka ditaelo tsa hae. Taelo eo esaleng le e utlwa ho tloha tshimolohong ke hore le phele ka lerato.

အခန်းကိုကြည့်ပါ။ ကော်ပီ

Sesotho 1909/1961 (SO)

6 Mme seo e leng lerato, ke hoba re tsamaye ka taelo tsa hae; mme ke ena taelo, kamoo le e utlwileng kateng, esale ho qaleng, hore le tsamaye ho yona.

အခန်းကိုကြည့်ပါ။ ကော်ပီ

Baasraak Sotho NT

6 Mme sena ke lerato, hore re tsamaye ka ditaelo tsa hae. Taelo ke ena, hore le tsamaye ho yona jwalokaha le utlwile ho tloha tshimolohong.

အခန်းကိုကြည့်ပါ။ ကော်ပီ

Contemporary Southern Sotho Bible 2024

6 Mme sena ke lerato, hore re tsamaye ka ditaelo tsa hae. Taelo ke ena, hore le tsamaye ho yona jwalokaha le utlwile ho tloha tshimolohong.

အခန်းကိုကြည့်ပါ။ ကော်ပီ




2 Johanne 1:6
14 ပူးပေါင်းရင်းမြစ်များ  

“Haeba le a nthata, le tla boloka ditaelo tsa ka.


Ya nang le ditaelo tsa ka, mme a di boloka, ke yena ya nthatang; ya nthatang o tla ratwa ke Ntate, le nna ke tla mo rata, mme ke tla iponahatsa ho yena.”


Jesu a mo araba, a re: “Ha motho a nthata, o tla boloka lentswe la ka, mme Ntate o tla mo rata, re tla tla ho yena, mme re dule ka ho yena.


Ha le boloka ditaelo tsa ka, le tla dula leratong la ka, jwalokaha ke bolokile ditaelo tsa Ntate, mme ke dula leratong la hae.


Lona le metswalle ya ka, ha le etsa seo ke le laelang sona.


Le latele Morena Modimo wa lona, le mo tshabe, le boloke melao ya hae, le mamele lentswe la hae, le mo sebeletse, le mo kgomarele.


Molaetsa oo le o utlwileng ho tloha tshimolohong le o boloke. Ha le ka boloka ka ho lona molaetsa oo le o utlwileng ho tloha tshimolohong, le lona le tla bolokeha ho Mora le ho Ntate.


Empa ya bolokang lentswe la hae, ke eo ruri lerato la Modimo le phethehileng ka ho yena. Sena ke seo re tsebang ka sona hore re phela ho yena.


Baratuwa, taelo eo ke le ngollang yona hase e ntjha, empa ke taelo ya kgale, eo le bileng le yona ho tloha tshimolohong. Taelo eo ya kgale ke lentswe leo le neng le le utlwe.


Jwale, kaha re tseba hore o a re utlwa ha re kopa, re a tseba hore tseo re di kopang ho yena e se e ntse e le tsa rona.


Seo lerato la Modimo le leng sona ke hore re boloke ditaelo tsa hae. Ditaelo tsa hae ha di boima.


Jwale ke a o kopa, mofumahadi, ke re a re rataneng. Ka ho rialo ha ke o ngolle taelo e ntjha, empa ke taelo eo re bileng le yona ho tloha tshimolohong.


ကြှနျုပျတို့နောကျလိုကျပါ:

ကြော်ငြာတွေ


ကြော်ငြာတွေ