Biblia Todo Logo
အွန်လိုင်း သမ္မာကျမ်းစာ

- ကြော်ငြာတွေ -




2 Johanne 1:12 - BIBELE

12 Ke sa na le tse ngata, tseo nka le bolellang tsona, empa ha ke rate ho di ngola; feela ke tshepa hore ke tla le etela, ke tle ke bue le lona re shebane, e le hore thabo ya rona e tle e be e tletseng.

အခန်းကိုကြည့်ပါ။ ကော်ပီ

Sesotho 1909/1961 (SO)

12 Ke sa na le ditaba tse ngata, empa ha ke rate ho le ngolla tsona ka pampiri le ka enke; empa ke tshepile ho le etela, le ho buisana le lona ka molomo, thabo ya lona e tle e phethehe.

အခန်းကိုကြည့်ပါ။ ကော်ပီ

Baasraak Sotho NT

12 Erekaha ke na le ditaba tse ngata tseo nka le ngollang tsona, ha ke a ka ka rata ho le ngola ka pampiri le ka enke;

အခန်းကိုကြည့်ပါ။ ကော်ပီ

Contemporary Southern Sotho Bible 2024

12 Erekaha ke na le ditaba tse ngata tseo nka le ngollang tsona, ha ke a ka ka rata ho le ngola ka pampiri le ka enke;

အခန်းကိုကြည့်ပါ။ ကော်ပီ




2 Johanne 1:12
15 ပူးပေါင်းရင်းမြစ်များ  

Ke bua le yena re tadimane, Ke bua ka puo e hlakileng, e seng ka dilotho, yena o bona sebopeho sa ka. Ke ka baka lang ha le sa tshabe ho bua, le sa tshabe ho bua Moshe, mohlanka wa ka, hampe?”


“Ke buile ditaba tsena ho lona hore thabo ya ka e be ka ho lona, mme thabo ya lona e be e phethehileng.


“Ke sa na le tse ngata tseo nka beng ke le bolella tsona, empa le ke ke la di kopa hajwale;


Ho fihlela jwale ha le eso kope letho ka lebitso la ka; kopang, mme le tla fuwa, hore thabo ya lona e be e phethehileng.”


“Jwale ke tla ho wena. Ke bua tsena ke sa ntse ke le lefatsheng, hore ba be le thabo ya ka e phethehileng ka ho bona.


Ya nang le monyaduwa ke monyadi, empa motswalle wa monyadi, ya emeng pela hae, mme a mo utlwa, o ye a thabe haholo ka baka la lentswe la monyadi. Ha ho le jwalo, thabo ena ya ka e phethahetse.


ke tshepile ho le bona ha ke etela Sepania, le tle le nthuse ho ya teng, ha ke se ke ithabisitse ka ho ba le lona nako e itseng.


Ke hopola meokgo ya hao, mme ke hlolohetswe ho o bona, e le hore ke tle ke be le thabo a kgaphatsehang.


Hape o ntokisetsi bodulo, hobane ke na le tshepo ya hore ka dithapelo tsa lona ke tla kgutlisetswa ho lona.


Haholoholo ke ipiletsa ho lona hore le etse jwalo, e le hore Modimo a tle a nkgutlisetse ho lona kapele.


Tsebang hore ngwanabo rona Timothea o lokolotswe. Haeba a ka fihla ka nako, re tla tla le yena ho le hlwela.


Re le ngolla tsena hore le tle le thabe, mme thabo ya lona e be e tletseng.


Ka baka lena, mohla ke tlang, ke tla hlahatsa mesebetsi ya hae yohle. O re etseletsa ka dipuo tse mpe. Ha tsena di sa mo kgotsofatse, o hana ho amohela badumedi, ebile o thibela le ba ratang ho ba amohela, mme o ba leleka phuthehong.


ကြှနျုပျတို့နောကျလိုကျပါ:

ကြော်ငြာတွေ


ကြော်ငြာတွေ