Biblia Todo Logo
အွန်လိုင်း သမ္မာကျမ်းစာ

- ကြော်ငြာတွေ -




2 Dikronike 9:7 - BIBELE

7 Batho ba hao ba a ithaba; bahlanka bana ba hao, ba o sebeletsang kamehla, ba utlwang bohlale ba hao, le bona ba a ithaba.

အခန်းကိုကြည့်ပါ။ ကော်ပီ

Sesotho 1909/1961 (SO)

7 Ba lehlohonolo, batho ba hao! Ba lehlohonolo, bahlanka bana ba hao, ba hlolang ba eme pela hao, ba utlwang bohlale ba hao!

အခန်းကိုကြည့်ပါ။ ကော်ပီ




2 Dikronike 9:7
13 ပူးပေါင်းရင်းမြစ်များ  

Batho ba hao ba a ithaba; bahlanka bana ba hao, ba o sebeletsang kamehla, ba utlwang bohlale ba hao, le bona ba a ithaba.


Ke ne ke sa kgolwe, ho fihlela ke etla mona, ke ipontsha ka mahlo a ka. Ruri ba mpoleletse dinyane feela tsa boholo ba bohlale ba hao, hobane wena o feta botumo boo ke bo boleletsweng.


Ho bokwe Morena Modimo wa hao, ya kgahlilweng ke wena, mme a o bea teroneng, hore o buse ka lebitso la Morena Modimo wa hao. Kahobane Modimo wa hao o ratile Baiseraele, mme o ratile hore ba tsitse kamehla yohle, o o entse kgosi ya bona, hore o ba ahlolele hantle, ka toka.”


Ntho e le nngwe feela eo ke e kopang, eo ke e batlang ho Morena, ke hore ke phele ka tlung ya Morena ka matsatsi wohle a bophelo ba ka, ke tle ke bohe bokgabane ba Morena, ke bo nahanisise ke le ka Tempeleng ya hae.


Polelo tsa ba lokileng di ruta ba bangata, thoto tsona di shwa ke ho hloka kutlwisiso.


Ya tsamayang le bahlalefi o a hlalefa, molekane wa dithoto yena o a thotofala.


hoba bo feta silefera ka bohlokwa, ho bo fihlela ke tlotlo le fetang kgauta;


Eba le lerato, o be le botshepehi, molaleng wa hao o itlame ka tsona; o di ngole tlapeng la pelo ya hao.


Ho lehlohonolo motho ya mmamelang, ya lebelang kamehla menyakong ya ka, ya kokomalang thuleng la ntlo ya ka.


Empa Jesu a re: “E, empa haholo ho lehlohonolo ba utlwang lentswe la Modimo, ba le boloke.”


A bua ka mmae le ntatae, a re: “Ha ke eso mmone le ho mmona!” Esita le bana babo a ba latola, le bana ba hae a se ke a ba tseba. Ba hlokometse lentswe la hao, selekane sa hao ba se boloka.


ကြှနျုပျတို့နောကျလိုကျပါ:

ကြော်ငြာတွေ


ကြော်ငြာတွေ