Biblia Todo Logo
အွန်လိုင်း သမ္မာကျမ်းစာ

- ကြော်ငြာတွေ -




2 Dikronike 9:23 - BIBELE

23 Dikgosi tsohle tsa lefatshe tsa tla ho Solomone, ho tla utlwa bohlale ba hae, boo Modimo a mo fileng bona.

အခန်းကိုကြည့်ပါ။ ကော်ပီ

Sesotho 1909/1961 (SO)

23 Marena wohle a lefatshe a ne a etela Salomone ho tla mamela bohlale boo Modimo o bo kentseng pelong ya hae.

အခန်းကိုကြည့်ပါ။ ကော်ပီ




2 Dikronike 9:23
19 ပူးပေါင်းရင်းမြစ်များ  

Ha Baiseraele bohle ba utlwa kahlolo e entsweng ke kgosi, ba hlompha kgosi, ba e tshaba, hobane ba ile ba hlokomela hore Solomone o na le bohlale ba Modimo, ba ho ahlola ka toka.


Batho bohle, ba tswang ditjhabeng tsohle tsa lefatshe, ba rongwa ke dikgosi tsa bona, tse ileng tsa utlwela tsa bohlale ba Solomone, hore ba yo inwesa ka nkgo.


Ka mokgwa ona, kgosi Solomone a feta dikgosi tsohle tsa lefatshe ka matlotlo le ka bohlale.


Motho ka mong a mo tlisetsa dimpho tsa hae, dintho tse entsweng ka silefera, le ka kgauta, le diaparo, le dihlomo, le dinoko, le dipere, le dimmeile. Hona ho ne ho etsahala ka selemo le selemo.


Ke Morena ya fanang ka bohlale, tsebo le kutlwisiso di tswa ho yena.


Mohlang oo, setlohololo sa Jese se tla ema e le mokgele wa ditjhaba; ditjhaba tsohle di tla se batla, sebaka seo se tla phomola ho sona se tla tlotleha.


Moya wa Morena o tla ba ho yena, Moya wa bohlale le Moya wa kutlwisiso, Moya wa boeletsi le Moya o matla, Moya wa tsebo le Moya wa ho tshaba Morena;


Bahlankana bao ba bane Modimo a ba fa tsebo le kutlwisiso ya mefuta yohle ya dingodilweng le ya bohlale. Ha e le Daniele yena a ba le tsebo ya ho hlalosa dipono le ditoro tsohle.


Mmusong ona wa hao, monna o teng ya nang le moya wa medimo e halalelang ka ho yena. Mehleng ya ntatao, monna enwa o ile a ipaka hore o na le kelello e tjhatsi, le kutlwisiso, le bohlale bo kang ba medimo. Kgosi Nebukadenesare, ntatao, o ile a mo etsa mookamedi wa dinohe le balepi ba dinaledi, le Bakalatiya, le badupi.


hobane ke tla le nea mantswe le bohlale boo bahanyetsi bohle ba lona ba tla sitwa ho bo hanyetsa le ho bo lwantsha.


Ke ka Modimo le leng ho Kreste Jesu, eo Modimo a mo entseng bohlale ba lona, le ho loka ha lona, le kgalalelo ya lona, le topollo ya lona.


Moya o nea e mong ho bua ka bohlale, athe wona Moya oo o nea e mong ho bua ka tsebo.


Ke kopa Modimo wa Morena wa rona Jesu Kreste, Ntate ya tlotlehang, hore a ke a le fe moya wa bohlale o le senolelang yena, le tle le mo tsebe.


Haeba e mong wa lona a hloka bohlale, a ke a bo kope ho Modimo ya fang bohle ka matsoho a mabedi, a sa kganane, mme o tla bo fuwa.


Empa bohlale bo tswang hodimo, pele ho tsohle, bo hlwekile; hape bo na le kgotso le mosa, bo bonolo, bo tletse lereko le ditholwana tse molemo; ha bo na leeme, ha bo iketsise.


ကြှနျုပျတို့နောကျလိုကျပါ:

ကြော်ငြာတွေ


ကြော်ငြာတွေ