Biblia Todo Logo
အွန်လိုင်း သမ္မာကျမ်းစာ

- ကြော်ငြာတွေ -




2 Dikronike 9:18 - BIBELE

18 Terone ena e ne e ena le mehato e tsheletseng, e bile e ena le sedulwana sa maoto se entsweng ka kgauta; tsena di ne di bopeletswe teroneng. Ka lehlakoreng le leng le le leng la sedulwana ho ne ho ena le letsoho la ho itshetleha, mme pela matsoho ao ho ena le ditshwantsho tsa ditau tse pedi.

အခန်းကိုကြည့်ပါ။ ကော်ပီ

Sesotho 1909/1961 (SO)

18 Terone e ne e na le methatinyana e tsheletseng le bonamelo ba maoto ba kgauta bo tshwaraneng le terone; e ne e na le matsoho ka nqa tse pedi ho setulo, le ditau tse pedi di ne di eme pela matsoho.

အခန်းကိုကြည့်ပါ။ ကော်ပီ




2 Dikronike 9:18
6 ပူးပေါင်းရင်းမြစ်များ  

Hape kgosi ya etsa terone e kgolo, e entsweng ka manaka a tlou, mme ya e maneha kgauta e hlwekisitsweng.


Ka lehlakoreng le leng le le leng la mehato ena e tsheletseng, ho ne ho ena le setshwantsho sa tau, kaofela e le ditshwantsho tsa ditau tse leshome le metso e mmedi. Ho ne ho eso be mmuso le o mong o kileng wa eba le terone e tjena.


Bona, setjhaba se tla tlola jwaloka tauhadi, le yena o tla tlola jwaloka tauhadi. E ke ke ya qatjhama e eso je phoofolo, e enwa le madi a se bolailweng.”


A borame, a qatjhame jwaloka tau, le jwaloka tauhadi. Ke mang ya tla mo tsosa? “Ya o hlohonolofatsang a hlohonolofatswe, ya o rohakang a rohakwe!”


Empa e mong wa baholo a re ho nna: “O se ke wa lla. Bona, Tau ya leloko la Juda, Lehlomela la Davida, o hlotse. O tla phetla buka le ho kgomarolla dibitielo tse supileng tsa yona.”


ကြှနျုပျတို့နောကျလိုကျပါ:

ကြော်ငြာတွေ


ကြော်ငြာတွေ