Biblia Todo Logo
အွန်လိုင်း သမ္မာကျမ်းစာ

- ကြော်ငြာတွေ -




2 Dikronike 9:11 - BIBELE

11 Ka difate tsena tsa alemaka kgosi ya etsa mehato e nyolohelang ka Tempeleng ya Morena, le ka tlung ya kgosi; ya etsa le diharepa le dikatara tsa dibini. Naheng yohle ya Juda ho ne ho eso ka ho bonwa tse jwalo.

အခန်းကိုကြည့်ပါ။ ကော်ပီ

Sesotho 1909/1961 (SO)

11 Ka difate tsa almuge, morena a etsa methatinyana ya ho nyolohela tlung ya Jehova le tlung ya morena, le diharepa le diviole tsa dibini. Fate tse kalo di ne di eso ho bonwe le pele lefatsheng la Juda.

အခန်းကိုကြည့်ပါ။ ကော်ပီ




2 Dikronike 9:11
9 ပူးပေါင်းရင်းမြစ်များ  

Ka difate tsena tsa alemaka kgosi ya etsa mehato e nyolohelang ka Tempeleng ya Morena, le ka tlung ya kgosi; ya etsa le diharepa le dikatara tsa dibini. Ha ho a ka ha hlola ho tliswa difate tsa alemaka tse kang tsena; le ho bonwa ha di eso bonwe ho fihlela kajeno-ya-bokajeno.


Ba dikete tse nne ya eba balebedi ba menyako, mme ba dikete tse nne hape ba rorisa Morena ka diletsa tseo Davida a neng a laele hore di etswe.


Bo-Davida le balaodi ba mabotho ba kgetha ba bang ba bara ba Asafo, le ba Hemane, le ba Jedutune, hore ha diharepa, le dikatara, le matlheretlhere, di ba kenya moya, ba phatlalatse molaetsa wa Modimo. Lenane la banna ba neng ba sebetsa mosebetsi ona ke lena:


“Hape o nthomelle difate tsa dikedare, le tsa modutu, le tsa alemaka, tse tswang Lebanone. Ke a tseba hore bahlanka ba hao ke ditsebi tsa ho rema difate, moo Lebanone, mme bahlanka ba ka ba tla sebetsa le ba hao,


Bahlanka ba Hurame le bahlanka ba Solomone ba neng ba ile ba tlisa kgauta e tswang Ofire, ba tlisa le thepa e ngata ya difate tsa alemaka le mahakwe a bohlokwa.


Kgosi Solomone a fa mofumahadi wa Sheba tsohle tseo a neng a di lakatsa, le tsohle tseo a ileng a di kopa. A mo fa dimpho tse fetang tseo mofumahadi a ileng a mo tlisetsa tsona. Yaba mofumahadi wa Sheba o kgutlela naheng ya hae, a ena le bahlanka ba hae.


Eitse ha e nka buka, dibopuwa tse nne tse phelang, le baholo ba mashome a mabedi a metso e mene, ba itihela fatshe kapele ho Konyana. E mong le e mong o ne a tshwere harepa le lefiswana la kgauta le tletseng mokubetso, oo e leng dithapelo tsa bahalaledi.


ကြှနျုပျတို့နောကျလိုကျပါ:

ကြော်ငြာတွေ


ကြော်ငြာတွေ