Biblia Todo Logo
အွန်လိုင်း သမ္မာကျမ်းစာ

- ကြော်ငြာတွေ -




2 Dikronike 9:10 - BIBELE

10 Bahlanka ba Hurame le bahlanka ba Solomone ba neng ba ile ba tlisa kgauta e tswang Ofire, ba tlisa le thepa e ngata ya difate tsa alemaka le mahakwe a bohlokwa.

အခန်းကိုကြည့်ပါ။ ကော်ပီ

Sesotho 1909/1961 (SO)

10 Bahlanka ba Hurame le bahlanka ba Salomone ba neng ba lata kgauta Ofire, ba tlisa le difate tsa almuge le mahakwe a bohlokwa.

အခန်းကိုကြည့်ပါ။ ကော်ပီ




2 Dikronike 9:10
8 ပူးပေါင်းရင်းမြစ်များ  

Le dikepe tsa Hirame, tse neng di ile tsa tlisa kgauta e tswang Ofire, tsa tlisa le thepa e ngata ya difate tsa alemaka, le mahakwe a bohlokwa.


Lewatleng kgosi e ne e ena le dikepe tsa Tarashishe, tse neng di ena le tsa Hirame. Hanngwe kamora dilemo tse tharo, sehlopha sa dikepe tsena tsa Tarashishe se ne se ye se tle, se tlise kgauta, le silefera, le manaka a ditlou, le dikgabo, le dipikoko.


“Hape o nthomelle difate tsa dikedare, le tsa modutu, le tsa alemaka, tse tswang Lebanone. Ke a tseba hore bahlanka ba hao ke ditsebi tsa ho rema difate, moo Lebanone, mme bahlanka ba ka ba tla sebetsa le ba hao,


Hurame a mo romela dikepe tse kgannwang ke bahlanka ba hae, e leng banna ba tsebang lewatle. Banna bana ba ya Ofire ba ena le bahlanka ba Solomone, ba kgutla ba nkile kgauta e boima ba dikilo tse ka fetang dikete tse leshome le metso e mehlano, mme ba e nea Solomone.


Ka difate tsena tsa alemaka kgosi ya etsa mehato e nyolohelang ka Tempeleng ya Morena, le ka tlung ya kgosi; ya etsa le diharepa le dikatara tsa dibini. Naheng yohle ya Juda ho ne ho eso ka ho bonwa tse jwalo.


Yaba o nea kgosi kgauta eo boima ba yona bo fetang dikilo tse dikete tse nne, le dinoko tse ngata, le mahakwe a bohlokwa. Ha ho a ka ha hlola ho eba le dinoko tse kang tseo mofumahadi wa Sheba a neng a di fe Solomone.


O tshwana le dikepe tsa bo-rakgwebo, dijo tsa hae o di tlisa di etswa hole.


ကြှနျုပျတို့နောကျလိုကျပါ:

ကြော်ငြာတွေ


ကြော်ငြာတွေ