Biblia Todo Logo
အွန်လိုင်း သမ္မာကျမ်းစာ

- ကြော်ငြာတွေ -




2 Dikronike 9:1 - BIBELE

1 Ha mofumahadi wa Sheba a utlwa botumo ba Solomone, a tla Jerusalema ho nonya Solomone ka dipotso tse thata. O ne a ena le phiphitha ya balatedi; ho ena le dikamele tse belesitsweng dinoko, le kgauta e ngata, le mahakwe a bohlokwa. Ha a fihla ho Solomone a mmotsa dipotso tsohle tseo a neng a ena le tsona.

အခန်းကိုကြည့်ပါ။ ကော်ပီ

Sesotho 1909/1961 (SO)

1 Mofumahadi wa Sheba eitse ha a utlwa botumo ba Salomone, a tla Jerusalema, ho leka Salomone ka dilotho, a ena le letshwele le leholo haholo le dikamele tse bofileng dibano le kgauta e ngata le mahakwe a bohlokwa. A fihla ho Salomone, mme a mmehela tsohle tseo a di hopotseng pelong ya hae.

အခန်းကိုကြည့်ပါ။ ကော်ပီ




2 Dikronike 9:1
23 ပူးပေါင်းရင်းမြစ်များ  

Bana ke bara ba Kushe: Seba, le Hafila, le Sabeta, le Rama, le Sabeteka, mme bara ba Rama ke Sheba le Dedane.


Jokoshane a tswala Sheba le Dedane. Ditloholo tsa Dedane e ne e le Baasure, le Baletushe, le Baleumime.


O ne a le bohlale ho feta batho bohle, a feta le Etane wa Moesera, le Hemane, le Kalekole, le Dareda, bara ba Mahole, mme lebitso la hae la tuma ditjhabeng tsohle tseo a neng a ahelane le tsona.


Solomone, mora wa Davida, a tsitsa mmusong wa hae; Morena Modimo wa hae, a ba le yena, mme a mo phahamisa haholo.


ke o nea bohlale, le tsebo. Ke tla be ke o nee le matlotlo, le tlotla, e leng tseo ho eso be le kgosi e kileng ya eba le tsona pele ho wena, kapa e tla ba le tsona kamorao ho wena.”


Solomone a araba dipotso tsohle tsa hae, ha se ke ha eba letho le mo thatafallang.


Yaba o nea kgosi kgauta eo boima ba yona bo fetang dikilo tse dikete tse nne, le dinoko tse ngata, le mahakwe a bohlokwa. Ha ho a ka ha hlola ho eba le dinoko tse kang tseo mofumahadi wa Sheba a neng a di fe Solomone.


Ke lla ho Morena ka lentswe le phahameng, ke etsa thapedi ho Morena ka lentswe le phahameng.


Molomo wa ka o tla bua tsa bohlale, pelong ya ka ke tla nahana tse nang le kelello.


Dikgosi tsa Tarashishe le tsa dihlekehleke di ke di mo nyehelle, dikgosi tsa Sheba le tsa Seba di mo tlisetse dithelo.


A ke a phele! A newe kgauta ya Sheba, a nne a rapellwe ho sa kgaotswe, a nne a bokwe ka matsatsi wohle.


Molomong wa ka ho tla tswa maele, ke bolele dilotho tsa boholoholo.


a utlwisise maele le dipapiso, polelo le dilotho tsa ba bohlale.


“Boiyane ba dikamele bo tla putukana ho wena, mekoloko ya dikamele e tswang Midiane le Efa; Basheba bohle ba tla tlisa kgauta le mokubetso, ba bine thoko tsa Morena, ba mo tumise.


Lona madinyane a marabe, le ka bolela jwang tse lokileng le le kgopo tjee? Molomo o bolela se tletseng ka pelong.


Mohla kahlolo Mofumahadi wa Borwa o tla ema, a qose moloko ona, a o ahlole, hobane o ile a tloha dipheletsong tsa lefatshe ho tla mamela bohlale ba Solomone, empa mona ho teng ya fetang Solomone.”


A ba araba, a re: “Lona le neilwe ho tseba diphiri tsa Mmuso wa mahodimo, athe bona ha ba a ho newa.


e le hore ho tle ho phethahale ho boletsweng ke moporofeta, ha a re: “Ke tla bua le bona ka ditshwantsho, ke bolele tse neng di patehile haesale fatshe le thewa.”


Ha ba fihla ka tlung, ba bona ngwana le mmae Maria; ba itihela fatshe, mme ba kgumamela ngwana, ba nto bula matlole a bona, ba mo nyehella ka dimpho: kgauta, mokubetso, le mmira.


Mofumahadi wa Borwa o tla ema, a qose batho ba moloko ona, a ba ahlole, hobane o ne a tlohe dipheletsong tsa lefatshe ho tla mamela bohlale ba Solomone, empa mona ho teng ho fetang Solomone.


Anna a araba, a re: “Tjhe, monga ka, nna ke mosadi ya tshwenyehileng moyeng. Ha ke a nwa veine kapa seno se tahang; ke ne ke mpa ke tshollela masisapelo a ka ho Morena.


ကြှနျုပျတို့နောကျလိုကျပါ:

ကြော်ငြာတွေ


ကြော်ငြာတွေ