Biblia Todo Logo
အွန်လိုင်း သမ္မာကျမ်းစာ

- ကြော်ငြာတွေ -




2 Dikronike 8:15 - BIBELE

15 Ha ba a ka ba fapoha ditaelo tsa kgosi malebana le baprista le Balevi tabeng efe kapa efe, le tabeng e amanang le matlole.

အခန်းကိုကြည့်ပါ။ ကော်ပီ

Sesotho 1909/1961 (SO)

15 Ha ho a ka ha eba taba, kapa bakeng sa matlotlo, eo ho kileng ha kgelohuwa ho yona taelo eo morena a neng a e laetse baprista le Balevi.

အခန်းကိုကြည့်ပါ။ ကော်ပီ




2 Dikronike 8:15
7 ပူးပေါင်းရင်းမြစ်များ  

Yaba mosebetsi wohle, oo kgosi Solomone a neng a o etsetsa Tempele ya Morena, o a phethwa. Jwale Solomone a kenya dintho tsohle tseo ntatae Davida a neng a di abetse Morena: silefera, le kgauta, le dijana, mme tsena a di bea hara matlotlo a Tempele ya Morena.


Ba bang ba ne ba hlokomela dintho tsohle tsa Sehalalelo, le phofo e thumisehileng, le veine, le ole, le mokubetso, le dinoko.


Le naheng ya Juda Modimo a etsa hore setjhaba sa teng se be pelonngwe, ho phetha taelo ya kgosi le ya mahosana, ho ya ka polelo ya Morena.


Ho ya ka taelo ya Davida, ntatae, a kgethela dihlopha tsa baprista mesebetsi ya tsona, le Balevi a ba kgethela hore ba rorise Modimo, ba thuse le baprista, ho ya kamoo ho neng ho hlokahala kateng ka letsatsi le letsatsi. A kgetha le dihlopha tsa balebedi ba monyako o mong le o mong wa Tempele, hobane Davida, mohlanka wa Modimo, o ne a laetse jwalo.


Solomone a etsa mosebetsi wohle wa hae, ho tloha mohla ho thewang Tempele ya Morena, ho fihlela e fela. Yaba mosebetsi wa ho haha Tempele ya Morena o a phethwa.


ကြှနျုပျတို့နောကျလိုကျပါ:

ကြော်ငြာတွေ


ကြော်ငြာတွေ