2 Dikronike 8:14 - BIBELE14 Ho ya ka taelo ya Davida, ntatae, a kgethela dihlopha tsa baprista mesebetsi ya tsona, le Balevi a ba kgethela hore ba rorise Modimo, ba thuse le baprista, ho ya kamoo ho neng ho hlokahala kateng ka letsatsi le letsatsi. A kgetha le dihlopha tsa balebedi ba monyako o mong le o mong wa Tempele, hobane Davida, mohlanka wa Modimo, o ne a laetse jwalo. အခန်းကိုကြည့်ပါ။Sesotho 1909/1961 (SO)14 A bea dihlopha tsa baprista ka ho sebetsa ha bona, kamoo ho neng ho laetse ntatae Davida kateng; a bea le Balevikabelong tsa bona tsa ho rorisa Modimo le ho etsa tsa tshebetso pontsheng ya baprista, ka tsatsi le leng le le leng; a bea le balebedi ba menyako, ka dihlopha tsa bona, monyakong o mong le o mong; hobane ho ne ho laetse jwalo Davida, monna wa Modimo. အခန်းကိုကြည့်ပါ။ |
Dibini, e leng ditloholo tsa Asafo, di ne di le ditulong tsa tsona, ho ya ka taelo ya Davida, le ya Asafo, le ya Hemane, le ya Jedutune, senohe sa kgosi. Balebedi ba neng ba lebela monyako o mong le o mong, ba ne ba sa tshwanela ho tloha moo ba neng ba lebetse teng, hobane bana babo bona, e leng Balevi, ba ne ba ba lokisetsa dijo.