Biblia Todo Logo
အွန်လိုင်း သမ္မာကျမ်းစာ

- ကြော်ငြာတွေ -




2 Dikronike 8:12 - BIBELE

12 Solomone a etsetsa Morena dinyehelo tsa setjheso hodima aletare eo a neng a e hahetse Morena kapele ho lethule.

အခန်းကိုကြည့်ပါ။ ကော်ပီ

Sesotho 1909/1961 (SO)

12 Salomone a ntoo hlabela Jehova ditjheso aletareng ya Jehova e hahilweng pela mathule;

အခန်းကိုကြည့်ပါ။ ကော်ပီ




2 Dikronike 8:12
8 ပူးပေါင်းရင်းမြစ်များ  

le boima ba kgauta e hlwekisitsweng e tla etsa difereko, le dikotlolwana, le dikomiki, le boima ba kgauta e tla etsa sekotlolo ka seng sa kgauta, le boima ba silefera e tla etsa sekotlolo ka seng sa silefera.


Solomone a hlwella aletareng ya lethose, kapele ho Morena. Aletare eo e ne e le pela Tente ya Morena, mme a etsetsa dinyehelo tsa setjheso tse sekete hodima yona.


Ha Asa a utlwa mantswe ana, le boporofeta bona ba moporofeta Odede, a tsoha molota. Naheng yohle ya ba morabe wa Juda le wa Benjamine, le metseng yohle eo a neng a e hapile naheng ya Efraime e maralla, Asa a fedisa medimo ya bohata eo e neng e le manyala; a ntjhafatsa le aletare ya Morena e neng e le lethuleng la Tempele ya Morena.


Solomone a etsa aletare ya lethose. Bolelele ba yona e ne e le dimethara tse ka bang robong, bophara ba yona le bona e ka ba dimethara tse robong, bophahamo e ka ba dimethara tse nne le halofo.


Kgosana yona e tla etsa nyehelo ya setjheso, le nyehelo ya dijo, le nyehelo ya dino, mohla mokete, le ha kgwedi e thwasitse, le ka matsatsi a Disabatha, le meketeng yohle e halalelang ya ba ntlo ya Iseraele. Kgosana e tla lokisa nyehelo ya sebe, le nyehelo ya dijo, le nyehelo ya setjheso, le nyehelo ya teboho ho etsetsa ba ntlo ya Iseraele tefelo ya sebe.’ ”


Yaba o nkenya ka lebaleng la Tempele ya Morena le kahare. Hona monyakong oo wa Tempele, pakeng tsa mathule a yona le aletare, ho ne ho ena le banna ba ka bang mashome a mabedi a metso e mehlano. Dikotlo tsa bona di ne di furaletse Tempele ya Morena, difahleho tsa bona di tadimile botjhabela. Ba ne ba kgumamela letsatsi le ka botjhabela.


Pakeng tsa lethule, lethule la Tempele le aletare, baprista, bahlanka ba Morena, ba lle, ba re: “Hauhela tjhaba sa hao, Morena; tjhaba sa hao se se fetohe sekgobo, sa fetoha sesomo hara baditjhaba, esere baditjhaba ba se soma, ba re: ‘O kae Modimo eo wa bona?’ ”


mme Jesu o ne a tsamaya ka Tempeleng mathuleng a Solomone.


ကြှနျုပျတို့နောကျလိုကျပါ:

ကြော်ငြာတွေ


ကြော်ငြာတွေ