Biblia Todo Logo
အွန်လိုင်း သမ္မာကျမ်းစာ

- ကြော်ငြာတွေ -




2 Dikronike 8:11 - BIBELE

11 Solomone a lata moradi wa Faro Motseng wa Davida, a mo isa tlung eo a neng a mo hahetse yona. O ne a re: “Mohatsa ka a ke ke a dula tlung ya Davida, kgosi ya Iseraele, hobane sebaka seo areka ya Morena e kileng ya eba ho sona, se a halalela.”

အခန်းကိုကြည့်ပါ။ ကော်ပီ

Sesotho 1909/1961 (SO)

11 Yaba Salomone o lata moradi wa Faro motseng wa Davida, a mo tlisa tlung eo a mo hahetseng yona, a re: Mosadi wa ka a ke ke a dula tlung ya Davida, morena wa Iseraele, hobane dinqalo tseo areka ya Jehova e keneng ho tsona, di halalehile.

အခန်းကိုကြည့်ပါ။ ကော်ပီ




2 Dikronike 8:11
8 ပူးပေါင်းရင်းမြစ်များ  

Solomone a etsa selekane le Faro, kgosi ya Egepeta, ka ho nyala moradi wa Faro. A mo bekela Motseng wa Davida, hobane o ne a eso hahe ntlo ya kgosi, le Tempele ya Morena, le lerako le potapotang Jerusalema.


Ntlo eo a neng a phela ho yona e ne e le ka lethuleng le leng, e hahilwe jwaloka lethule la dinyewe. Solomone a hahela moradi wa Faro, eo a neng a mo nyetse, ntlo e jwaloka lethule lena.


Hoba moradi wa Faro a falle Motseng wa Davida, a ye tlung ya hae, eo Solomone a neng a mo hahetse yona, yaba Solomone o haha Milo.


Bana e ne e le baokamedi ba baholo ba kgosi Solomone, ba neng ba busa setjhaba. Ba ne ba le makgolo a mabedi, le mashome a mahlano.


Ke tla kopana le bana ba Iseraele hona teng, mme Tente ena ya Morena e tla halaletswa ke tlotla ya ka.


Modimo a re ho yena: “O se ke wa atamela mona! Rola meqathatso ya hao, hobane sebaka seo o emeng ho sona se a halalela!”


“Wena ngwana motho, tadima Jerusalema, o nyatse dibaka tse halalelang. Porofetela naha ya Iseraele.


Lentswe lena ra na ra le utlwa le etswa lehodimong, re ena le yena thabeng e halalelang.


ကြှနျုပျတို့နောကျလိုကျပါ:

ကြော်ငြာတွေ


ကြော်ငြာတွေ