2 Dikronike 7:9 - BIBELE9 Ka letsatsi la borobedi ya eba mokete o moholo wa mapomelo. Ba ne ba ile ba ketekela ho kgakola aletare ka matsatsi a supileng, mme ba boela ba keteka ka matsatsi a supileng hape. အခန်းကိုကြည့်ပါ။Sesotho 1909/1961 (SO)9 Ka letsatsi la boroba meno e le mmedi, ha etswa phutheho e kgethehileng; ke ha ba se ba entse kgakolo ya aletare ka matsatsi a supileng le mokete ka matsatsi a mang a supileng. အခန်းကိုကြည့်ပါ။ |
Ka yona nako eo, Solomone a etsa mokete, a ena le Baiseraele bohle, ba neng ba kgobokane ka bongata bo boholo, ho tloha Kgorong ya Hamate, ho ya fihla molatswaneng wa Egepeta. Mokete ona wa ketekelwa Morena ka matsatsi a supileng, le ka matsatsi a supileng hape, ya eba matsatsi a leshome le metso e mene kaofela.