Biblia Todo Logo
အွန်လိုင်း သမ္မာကျမ်းစာ

- ကြော်ငြာတွေ -




2 Dikronike 7:8 - BIBELE

8 Ka yona nako eo Solomone a etsa mokete, a ena le Baiseraele bohle ba neng ba kgobokane ka bongata bo boholo, ho tloha Hamate, ho ya fihla molatswaneng wa Egepeta. Mokete ona wa ketekwa ka matsatsi a supileng.

အခန်းကိုကြည့်ပါ။ ကော်ပီ

Sesotho 1909/1961 (SO)

8 Mohlang oo, Salomone a etsa mokete ka matsatsi a supileng, a ena le Baiseraele bohle, ba tlile ba le bangata, ho tloha pela Hamathe, ho tlisa molapong wa Egepeta.

အခန်းကိုကြည့်ပါ။ ကော်ပီ




2 Dikronike 7:8
19 ပူးပေါင်းရင်းမြစ်များ  

Ka lona tsatsi leo Modimo a etsa selekane le Aborame, a re: “Ditloholo tsa hao ke tla di nea naha ena, ho tloha nokaneng ya Egepeta ho isa Nokeng e Kgolo, e leng ya Euferatese;


Banna bohle ba Baiseraele ba kgobokanela ho kgosi Solomone, mohla mokete, ka kgwedi ya Mphalane, e leng kgwedi ya bosupa.


Ka yona nako eo, Solomone a etsa mokete, a ena le Baiseraele bohle, ba neng ba kgobokane ka bongata bo boholo, ho tloha Kgorong ya Hamate, ho ya fihla molatswaneng wa Egepeta. Mokete ona wa ketekelwa Morena ka matsatsi a supileng, le ka matsatsi a supileng hape, ya eba matsatsi a leshome le metso e mene kaofela.


Ka kgwedi ya bobedi setjhaba sa phuthehela Jerusalema ka bongata, ho ya keteka mokete wa mahobe a sa lomoswang.


Thabo ya eba kgolo Jerusalema, hobane haesale ho tloha mehleng ya Solomone, mora wa Davida, kgosi ya Iseraele, ho ne ho eso ka ho eba le ntho e tshwanang le ena, Jerusalema.


Banna bohle ba Iseraele ba kgobokanela ho kgosi Solomone mohla mokete, ka kgwedi ya bosupa.


“ ‘Ho tloha ka letsatsi la leshome le metso e mehlano la kgwedi ya bosupa, ka matsatsi a supileng a mokete, kgosana e tla etsa nyehelo e tlosang sebe, le nyehelo ya setjheso, le nyehelo ya dijo, le nyehelo ya ole ya mohlwaare ka mokgwa o tshwanang.’ ”


“Ka bophirimela Lewatle le Leholo e tla ba lona moedi ho ya fihla lekgalong la Hamate. Ona e tla ba wona moedi o ka bophirimela.


Morena Modimo wa mabotho o re: “Lona Baiseraele, ke tla le phepheletsa setjhaba, se le hatelle ho tloha Kgalong la Hamate, se le hatelle ho ya fihla Kgohlong ya Araba.”


Mokete wa Bajuda wa Maphephe o ne o le haufi.


ကြှနျုပျတို့နောကျလိုကျပါ:

ကြော်ငြာတွေ


ကြော်ငြာတွေ