2 Dikronike 7:6 - BIBELE6 Baprista ba eba ditulong tsa bona, le Balevi ba neng ba letsa diletsa tsa Morena tsa mmino, tseo kgosi Davida a neng a di etseditse ho rorisa Morena. Balevi, ba shebane le baprista, ba letsa diterompeta, ba boka Morena, ba re: “Mohau wa hae ke wa kamehla yohle.” Baiseraele bohle bona ba ne ba eme ka maoto. အခန်းကိုကြည့်ပါ။Sesotho 1909/1961 (SO)6 Baprista ba ne ba eme, ba ntse ba sebetsa mosebetsi wa bona, ba ena le Balevi ba tshwereng diletsa tsa Jehova tse neng di entswe ke morena Davida ho rorisa Jehova ka tsona, ba re: Hobane mohau wa hae ke o sa feleng! Ha na ha etswa jwalo le mohla Davida a neng a mo rorisa ka tsona. Mme baprista ba ne ba letsa diterompeta, ba eme mabapa le bona, Baiseraele bohle le bona ba eme ka maoto. အခန်းကိုကြည့်ပါ။ |
Jehoyada a bea baprista, e leng Balevi, hore ba hlokomele Tempele ya Morena. Ke bao Davida a neng a ba abetse hore ba sebeletse ka Tempeleng ya Morena, ba etsetse Morena dinyehelo tsa setjheso, jwalokaha ho ngotswe Bukeng ya Molao wa Moshe. Ba etsa hona ba nyakaletse, ba bina jwalokaha Davida a ile a ba laela.
Balevi bohle, bao e neng e le dibini, e leng bo-Asafo, le Hemane, le Jedutune, le bara ba bona, le bana babo bona, ba ne ba eme ka botjhabela ho aletare, ba apere diaparo tsa lene tse tshweu, ba letsa matlheretlhere, le dikatara, le diharepa. Ba ne ba tlatsitswe ke baprista ba lekgolo le mashome a mabedi, ba neng ba letsa diterompeta.
Baletsi ba diterompeta, le dibini, ba amohela pina jwalokaha eka ho bina motho a le mong, ba rorisa Morena. Ba ne ba tlatsitswe ke diterompeta, le matlheretlhere le diletsa tse ding, ba rorisa Morena, ba re: “Bokang Morena hobane o molemo; mohau wa hae ke wa kamehla yohle.” Yaba leru le tlala ka Tempeleng ya Morena.