Biblia Todo Logo
အွန်လိုင်း သမ္မာကျမ်းစာ

- ကြော်ငြာတွေ -




2 Dikronike 7:5 - BIBELE

5 Kgosi Solomone a nyehela ka dipohwana tse dikete tse mashome a mabedi a metso e mmedi, le ka dikgutshwane tse dikete tse lekgolo le mashome a mabedi. Jwale kgosi, mmoho le setjhaba, ya kgakola Tempele ya Morena.

အခန်းကိုကြည့်ပါ။ ကော်ပီ

Sesotho 1909/1961 (SO)

5 Morena Salomone a hlaba sehlabelo sa dikgomo tse dikete tse mashome a mabedi a metso e mmedi le sa dinku tse dikete tse lekgolo le nang le mashome a mabedi. Morena le setjhaba kaofela ba kgethela Modimo ntlo jwalo.

အခန်းကိုကြည့်ပါ။ ကော်ပီ




2 Dikronike 7:5
16 ပူးပေါင်းရင်းမြစ်များ  

Ka letsatsi le hlahlamang leo, setjhaba sa etsetsa Morena mahlabelo le dinyehelo tsa setjheso ka dipohwana tse sekete, le dipheleu tse sekete, le dikonyana tse sekete, le dinyehelo tsa dino, le mahlabelo a mang a mangata, a etsetswang Baiseraele bohle.


Solomone a hlwella aletareng ya lethose, kapele ho Morena. Aletare eo e ne e le pela Tente ya Morena, mme a etsetsa dinyehelo tsa setjheso tse sekete hodima yona.


Ka yona nako eo ba nyehella Morena ka dipohwana tse makgolo a supileng le ka dikgutshwane tse dikete tse supileng, tseo ba neng ba di hapile.


Bona, ke hahela Morena Modimo wa ka, Tempele moo a tla kgumamellwa teng, mme ke mo abela yona. Ke moo ke tla mo tjhesetsa mokubetso o monko o monate teng. Ke moo re tla bea bohobe bo halalelang teng, re etsetse le nyehelo ya setjheso teng, hoseng le mantsiboya, le ka disabatha, le ka mekete ya ho thwasa ha kgwedi, le ka mekete e halalelang ya Morena Modimo wa rona. Ena ke taelo ya kamehla yohle e laetsweng Baiseraele.


Hesekiya, kgosi ya Juda, a nea setjhaba dipohwana tse sekete, le dikgutshwane tse dikete tse supileng. Mahosana le wona a nea setjhaba dipohwana tse sekete, le dikgutshwane tse dikete tse leshome. Baprista ba bangata ba itlhwekisa.


Jwale bo-kgosi Solomone le setjhaba sohle sa Iseraele, se neng se kgobokanetse ho yena, ba ema kapele ho areka, ba etsa mahlabelo ka dikgutshwane, le ka dipohwana tse ngata, hoo di neng di ke ke tsa balwa.


Yaba kgosi, mmoho le setjhaba sohle, e nyehella Morena ka mahlabelo.


Baprista ba eba ditulong tsa bona, le Balevi ba neng ba letsa diletsa tsa Morena tsa mmino, tseo kgosi Davida a neng a di etseditse ho rorisa Morena. Balevi, ba shebane le baprista, ba letsa diterompeta, ba boka Morena, ba re: “Mohau wa hae ke wa kamehla yohle.” Baiseraele bohle bona ba ne ba eme ka maoto.


Kgosana yona e tla etsa nyehelo ya setjheso, le nyehelo ya dijo, le nyehelo ya dino, mohla mokete, le ha kgwedi e thwasitse, le ka matsatsi a Disabatha, le meketeng yohle e halalelang ya ba ntlo ya Iseraele. Kgosana e tla lokisa nyehelo ya sebe, le nyehelo ya dijo, le nyehelo ya setjheso, le nyehelo ya teboho ho etsetsa ba ntlo ya Iseraele tefelo ya sebe.’ ”


Na Morena o tla kgahlwa ke kete tsa dipheleu, a kgahlwe ke nyehelo ya ole e ngatangata? Na ke tla nyehela ka ngwanaka wa matsibolo, ke nyehele ka yena ka baka la tshito tsa ka, ke nyehele ka ngwanaka wa matswathaka, ke nyehele ka yena ka baka la sebe sa ka?


Mahosana a tlisa nyehelo ya kgalaletso ya aletare, mohla e tlotswang, mme mahosana ao a etsa nyehelo ya wona kapele ho aletare.


Jwale mokete wa ho kgethela Modimo Tempele, wa eba teng Jerusalema. E ne e le mariha,


ကြှနျုပျတို့နောကျလိုကျပါ:

ကြော်ငြာတွေ


ကြော်ငြာတွေ