Biblia Todo Logo
အွန်လိုင်း သမ္မာကျမ်းစာ

- ကြော်ငြာတွေ -




2 Dikronike 7:22 - BIBELE

22 Ho tla arabelwa, ho thwe: ‘Ke kahobane ba furaletse Morena Modimo wa bo-ntata bona, ya ileng a ntsha bo-ntata bona naheng ya Egepeta. Jwale ba kgomaretse medimo e meng, ba a e kgumamela, ba a e sebeletsa, mme ka baka lena Morena o ba tliseditse bobe bona bohle.’ ”

အခန်းကိုကြည့်ပါ။ ကော်ပီ

Sesotho 1909/1961 (SO)

22 Mme ho tla thoe: Ke kahobane ba furaletse Jehova, Modimo wa bontata bona, ya neng a ba ntshitse naheng ya Egepeta, ba kgomaretse medimo esele, ba e kgumametse, ba e sebeleditse; ke kahoo a ba hlahiseditseng kotsi eo yohle.

အခန်းကိုကြည့်ပါ။ ကော်ပီ




2 Dikronike 7:22
10 ပူးပေါင်းရင်းမြစ်များ  

Morena a etsa hore kgosi ya Bakalatiya e ba futuhele; ya bolaya bahlankana ka sabole, ya ba bolaela ka Sehalalelong sa Tempele. Ya se ke ya hauhela bahlankana, kapa barwetsana, kapa maqheku, kapa ba seng ba kgokgoba ke botsofadi; Morena a neelana ka bona bohle matsohong a kgosi eo.


Tjhaba seo sa ka ke tla se ahlola, ke se ahlolele bokgopo ba ho mphuralla, ba ho etsa mahlabelo, ho a etsetsa medimo esele, ho kgumamela medimo e entsweng ka matsoho a sona.


Jwale wena o tle o re ho sona: ‘Ke hobane bo-ntata lona ba ile ba mphuralla,’ ho rialo Morena, ‘ba latela medimo esele, ba e sebeletsa, ba e kgumamela. Nna ba ile ba mphuralla, ba se ke ba boloka melao ya ka.


Empa haeba le sa mamele mantswe ana, ke a le hlapanyetsa hore ntlo ena e tla fetoha dithako,’ ” ho rialo Morena.


Le tla tshediseha ha le bona boitshwaro ba bona, le diketso tsa bona, hobane le tla be le tseba hore tsena di entswe ke nna ka mabaka, ho rialo Morena Modimo.”


O phethahaditse dipolelo tsa hao, tseo o neng o di bue ho rona le ho babusi ba rona, ka ho re dihela koduwa ena e tshabehang. Lefatsheng lohle ha ho eso ka ho etswa se kang sena se entsweng mona Jerusalema.


ကြှနျုပျတို့နောကျလိုကျပါ:

ကြော်ငြာတွေ


ကြော်ငြာတွေ