Biblia Todo Logo
အွန်လိုင်း သမ္မာကျမ်းစာ

- ကြော်ငြာတွေ -




2 Dikronike 7:21 - BIBELE

21 Tempele ena, leha e phahame hakana, bohle ba fetang pela yona ba tla e kgotsa, ba re: ‘Ke ka baka lang Morena a entseng naha ee tjee, le Tempele ee tjee?’

အခန်းကိုကြည့်ပါ။ ကော်ပီ

Sesotho 1909/1961 (SO)

21 mme ntlo eo, leha e phahame hakalo, motho ka mong ya fetang pela yona o tla makala, a re: Jehova o etseditseng naha eo le ntlo eo jwalo?

အခန်းကိုကြည့်ပါ။ ကော်ပီ




2 Dikronike 7:21
12 ပူးပေါင်းရင်းမြစ်များ  

“Ka baka lena, Morena o halefetse setjhaba sa Juda, le baahi ba Jerusalema, o ba kentse tsietsing, o ba entse setsoto, ba fetohile sekgobo, jwalokaha le lona le bona.


Ha o ka ipotsa ka pelong ya hao, wa re: “Ke ka baka lang ha tsee di ntlhahetse?” Ka baka la dibe tsa hao tse ngatangata, mese ya hao e ila apolelwa hodimo, mmele wa hao wa sala o le feela.


Metse ena ke tla e senya e be sebonwang-se-bonwake-bohle; bo-mofeta-ka-tsela ba tla makala, ba thukuthe dihlooho ka baka la koduwa eo.


Na Koniya hase nkgwana e nyatsehang, e matlere? Na hase sejana seo ho seng ya se thabelang? Ke hobaneng ha yena le bana ba hae ba lelekilwe, ba leleketswe naheng eo ba sa e tsebeng?


Empa haeba le sa mamele mantswe ana, ke a le hlapanyetsa hore ntlo ena e tla fetoha dithako,’ ” ho rialo Morena.


“Edomo e tla fetoha nanaola, bo-mofeta-ka-tsela ba e makalle, e fotohe sekgobo sa kamehla yohle, ba tsote ha ba bona dikotlo tsa yona.


Etlare ha batho ba botsa, ba re: ‘Ke ka baka lang ha Morena Modimo wa rona, a entse tsee tsohle ho rona?’ Wena o tla ba bolella hore Modimo o re: ‘Kaha le mphuraletse, la sebeletsa medimo esele mona naheng ya lona, kahoo le tla sebeletsa baditjhaba naheng eo e seng ya habo lona.’ ”


Ka baka la hobane Morena a halefile, Babilona ha e ka ke ya eba le baahi, e tla fetoha nanaola kahohlehohle. Bo-mofeta-ka-tsela ba tla e makalla! Ba tsote ha ba bona dikotlo tsa yona!


ကြှနျုပျတို့နောကျလိုကျပါ:

ကြော်ငြာတွေ


ကြော်ငြာတွေ