Biblia Todo Logo
အွန်လိုင်း သမ္မာကျမ်းစာ

- ကြော်ငြာတွေ -




2 Dikronike 7:20 - BIBELE

20 ke tla falatsa Baiseraele naheng ena ya ka, eo ke ba neileng yona. Tempele ena, eo ke e ikgalaleditseng yona, ke tla e furalla, mme e tla ba pale le sesomo hara ditjhaba tsohle.

အခန်းကိုကြည့်ပါ။ ကော်ပီ

Sesotho 1909/1961 (SO)

20 ke tla le kumola naheng ya ka eo ke le neileng yona; le ntlo ena, eo ke e kgethetseng lebitso la ka ke tla e lahla, ke e etse tshomo le sesomo ditjhabeng tsohle:

အခန်းကိုကြည့်ပါ။ ကော်ပီ




2 Dikronike 7:20
21 ပူးပေါင်းရင်းမြစ်များ  

Morena o tla tsukutla Baiseraele jwaloka lehlaka ha le tsukutlwa ke metsi. Morena o tla phahla bana ba Iseraele naheng ena e ntle, eo a e neileng bo-ntata bona, a ba qhalanyetse naheng e kamose ho Noka; hobane ba ile ba iketsetsa ditshwantsho tsa Ashera, mme ba halefisa Morena.


ke tla falatsa Baiseraele naheng eo ke ba neileng yona. Ntlo ena, eo ke e halaleditseng ho tlotla lebitso la ka, ke tla e furalla, mme Baiseraele e tla ba sesomo le pale hara ditjhaba tsohle.


Morena a furalla ditloholo tsohle tsa Baiseraele, a di hlokofatsa, a neelana ka tsona matsohong a batlatlapi ba tsona, ho fihlela a di lelekela hole le sefahleho sa hae.


Ba tjhesa Tempele ya Morena, ba heletsa marako a Jerusalema, ba tjhesa matlo wohle a matle a kgosi ka mollo, ba senya le thepa yohle ya bohlokwa.


O re fetotse sekgobo ho baahisane ba rona; sesomo le setsheho ho ba re potapotileng.


O rata bobe ho ena le botle, le leshano ho ena le nnete.


Empa haeba setjhaba sefe kapa sefe se sa mamele, ke tla se fedisa ho hang, ke se timetse,” ho rialo Morena.


Ka baka leo, ke tla le phahla naheng ena, ke le ise naheng eo lona le bo-ntata lona le sa kang la e tseba. Naheng eo, bosiu le motsheare, le tla sebeletsa medimo esele, hobane nke ke ka le hauhela.’ ”


Neng kapa neng nka phatlalatsa hore ke tla fothola, ke heletse, ke timetse setjhaba kapa mmuso,


“Ditjhaba tse ngata di tla feta pela metse ena, motho ka mong a botse wa habo, a re: ‘Ke ka lebaka lang ha Morena a entse ntho e tjee motseng o moholo hakaale?’


‘Ke tla etsa hore mebuso yohle ya lefatshe e ba nyonye, dibakeng tsohle tseo ke tla ba lelekela ho tsona ba nyediswe, e be setsoto, ba songwe, ba rohakwe.


Jwalokaha ke ile ka hlokomela hore ke ba falatse, ke ba dihe, ke ba lahlele fatshe, ke ba ripitle, ke ba hlokofatse, ka mokgwa o jwalo ke tla hlokomela hore ke ba tsitsise, ke ba hodise,” ho rialo Morena.


Keng ha le nkgalefisa ka mesebetsi eo le e etsang ya ho tjhesetsa medimo esele mokubetso naheng ee ya Egepeta eo le tlileng ho jaka ho yona, hore le tle le timetswe, le rohakehe, le nyedisehe hara ditjhaba tsohle tsa lefatshe?


“Wena Jeremia, o tle o re ho yena: ‘Morena o bua tjena: Bonang, seo ke ileng ka se haha ke tla se heletsa; seo ke se hlommeng ke se motsule lefatsheng lohle.


Ke tla tlisa bahedene ba tala, mme bona ba hape matlo a Baiseraele. Ke tla fedisa boikgohomoso ba dinatla tsa Baiseraele, dibaka tsa bona tse halalelang di silafatswe.


Ha le mo furalla, o tla boela a le lahla mona lehwatateng, mme le tla tlisetsa setjhaba sena sohle timelo.”


Hara ditjhaba tsohle, tseo Morena a tla o isa ho tsona, o tla ba setsoto, o be pale, o be mohlolo.”


Morena a halefa, a ba bohalehale, a ba phahla naheng ya bona, mme ka kgalefo e kgolo a ba lelekela naheng esele moo ba ntseng ba le hona teng le kajeno-ya-bokajeno.’


Ke bona ba silafatsang mekete ya lona ya Bakreste ka ho ja ba se na dihlong, ba hopotse dimpa tsa bona feela. Ke maru a se nang pula, a fefolwang ke moya. Ke difate tse sa beheng, esita le ka nako ya hwetla, tse shweletseng ruri, tse fothotsweng.


ကြှနျုပျတို့နောကျလိုကျပါ:

ကြော်ငြာတွေ


ကြော်ငြာတွေ