Biblia Todo Logo
အွန်လိုင်း သမ္မာကျမ်းစာ

- ကြော်ငြာတွေ -




2 Dikronike 7:19 - BIBELE

19 “Empa haeba lona le ka nkwenehela, la furalla ditaelo tsa ka le melao ya ka, eo ke le beetseng yona, yaba le sebeletsa medimo e meng, la e kgumamela,

အခန်းကိုကြည့်ပါ။ ကော်ပီ

Sesotho 1909/1961 (SO)

19 Empa ha le ka mphuralla, la lahla dikomelo tsa ka le ditaelo tsa ka tseo ke le beetseng tsona, la ya sebeletsa medimo esele, la e kgumamela,

အခန်းကိုကြည့်ပါ။ ကော်ပီ




2 Dikronike 7:19
15 ပူးပေါင်းရင်းမြစ်များ  

“Jwale wena Solomone, mora wa ka, tseba Modimo wa ntatao, o mo sebeletse ka pelo ya hao yohle, le ka maikutlo a hao wohle. Morena o lekola dipelo tsohle, mme o tseba menahano yohle, le mehopolo yohle. Ha o ka mmatla, o tla mo fumana, empa haeba o ka mo furalla, o tla o lahlela ruri!


Haeba Baiseraele ba hlokomela ho phetha tsohle tseo ke ba laetseng tsona, ho ya ka molao wohle, le ditaelo tsohle, le melawana yohle, tseo mohlanka wa ka Moshe a ba laetseng tsona, nke ke ka hlola ke etsa hore ba tswe naheng eo ke neng ke e nee bo-ntata bona.”


O se ke wa di kgumamela, mme o se ke wa di sebeletsa, hobane nna Morena Modimo wa hao, ke Modimo ya boulelang, ya otlang bana ka baka la bokgopo ba bo-ntata bona, ho isa molokong wa boraro le wa bone, wa ba ntlhoileng.


Yaba Morena o re: “Ke hobane ba furaletse Molao wa ka, oo ke ba beetseng wona. Ha ba a mamela lentswe la ka, leha e le ho ya ka ditaelo tsa ka.


“ ‘Empa haeba le ke ke la mmamela, la se ke la boloka melao ena yohle;


Ha le mo furalla, o tla boela a le lahla mona lehwatateng, mme le tla tlisetsa setjhaba sena sohle timelo.”


“Empa haeba o sa mamele lentswe la Morena Modimo wa hao, o sa hlokomele ho phetha melao yohle ya hae, le ditaelo tsohle tsa hae, tseo ke o laelang tsona kajeno, dithahako tsena tsohle di tla ba hodima hao, di o kgomarele.


Le se ke la kopakopana le ditjhaba tsena tse setseng hara lona; le se ke la bua le ka mabitso a medimo ya tsona, kapa la hlapanya ka yona, kapa la e sebeletsa, kapa la e kgumamela.


Empa haeba le tla nne le etse bokgopo, lona, le kgosi ya lona, le tla timela.”


ကြှနျုပျတို့နောကျလိုကျပါ:

ကြော်ငြာတွေ


ကြော်ငြာတွေ