2 Dikronike 7:10 - BIBELE10 Ka letsatsi la mashome a mabedi a metso e meraro la kgwedi ya bosupa, Solomone a qhala setjhaba hore se ye malapeng a sona. Setjhaba se ne se thabile, se nyakaletse, ka baka la molemo wohle oo Morena a o etseditseng Davida, le Solomone, le setjhaba sa hae sa Iseraele. အခန်းကိုကြည့်ပါ။Sesotho 1909/1961 (SO)10 Ka letsatsi la mashome a mabedi a metso e meraro la kgwedi ya bosupa, Salomone a kgutlisa setjhaba, ba ikela hae ditenteng tsa bona ka thabo le ka pelo tse nyakaletseng ke molemo oo Jehova a o etseditseng Davida le Salomone le setjhaba sa hae sa Iseraele. အခန်းကိုကြည့်ပါ။ |
Empa tsena tsohle le tla di jella kapele ho Morena Modimo wa lona, sebakeng seo Morena Modimo wa lona, a tla se kgetha; lona, le bara ba lona, le baradi ba lona, le bahlanka ba lona, le makgabunyane a lona, le Molevi ya kahara metse ya lona. Kapele ho Morena Modimo wa lona, le tla thabiswa ke tsohle tseo le di sebetsang.
Le thabe kapele ho Morena Modimo wa lona: lona, le bara ba lona, le baradi ba lona, le bahlanka ba lona, le makgabunyane a lona, le Balevi ba ahileng kahara metse ya lona, le bajaki, le dikgutsana, le bahlolohadi ba hara lona, le le sebakeng se tla kgethwa ke Morena Modimo wa lona, hore a dule ho sona.