Biblia Todo Logo
အွန်လိုင်း သမ္မာကျမ်းစာ

- ကြော်ငြာတွေ -




2 Dikronike 7:1 - BIBELE

1 Hoba Solomone a qete ho rapela, mollo wa theoha lehodimong, wa fihla wa tjhesa nyehelo ya setjheso le mahlabelo, mme tlotla ya Morena ya tlala ka Tempeleng.

အခန်းကိုကြည့်ပါ။ ကော်ပီ

Sesotho 1909/1961 (SO)

1 Salomone eitse hobane a qete ho rapela, mollo wa theoha lehodimong, wa tjhesa setjheso le mahlabelo; ntlo ya tlala kganya ya Jehova;

အခန်းကိုကြည့်ပါ။ ကော်ပီ




2 Dikronike 7:1
26 ပူးပေါင်းရင်းမြစ်များ  

Ha letsatsi le se le diketse, mme ho se ho fifetse haholo, ha hlaha sebopi se kubellang mosi, le kganare ya mollo; tsena tsa feta pakeng tsa mekgekgetho eo.


Jwale le bitse medimo ya lona, le nna ke tla bitsa Morena, mme modimo ya tla arabela ka ho hotetsa mollo e tla ba ke yena Modimo.” Setjhaba sa arabela kaofela, sa re: “O nepile ditaba!”


Yaba mollo wa Morena o theoha hodimo, o tjhesa sehlabelo sa setjheso, le patsi, le majwe, le lerole; o monya le metsi a neng a le ka moseleng.


Ha Solomone a se a qetile ho haha ntlo ya Morena, le ntlo ya kgosi, le tsohle, tseo a neng a rata ho di etsa,


Davida a hahela Morena aletare hona moo, a etsa nyehelo ya setjheso, le nyehelo ya teboho. A rapela Morena, mme Morena a mo arabela ka ho theola mollo o tswang lehodimong, a o theolela hodima aletare ya nyehelo ya setjheso.


Morena, ke rata ntlo eo o ahileng ho yona, e leng sebaka seo tlotla ya hao e dulang ho sona.


Thaba ya Sinai ya foqoha mosi, mme wa e aparela kahohle, kaha Morena a ne a theohetse ho yona, a le kahara mollo. Mosi wa foqoha jwaloka mosi wa sebopi, mme thaba yohle ya reketla haholo.


Ke tla kopana le bana ba Iseraele hona teng, mme Tente ena ya Morena e tla halaletswa ke tlotla ya ka.


Ke tla arabela ba eso ka ba ipiletsa, ke be ke ba utlwe e le hona ba ntseng ba rapela.


Jwale Moya wa mphahamisa, wa nkisa lebaleng le kahare, mme tlotla ya Morena ya tlala Tempele.


Jwale monna eo a nkisa kapele ho Tempele, ra ya ka tsela ya kgoro e ka leboya. Ka tadima, mme ka bona tlotla ya Morena e tlala ka Tempeleng ya Morena; yaba ke itihela fatshe ka sefahleho.


Ka nna ka bua jwalo, ka rapela, ka ipolela sebe sa ka le sa setjhaba sa heso sa Iseraele, mme ka lebisa thapedi ya ka ho Morena Modimo wa ka, ka baka la thaba e halalelang ya Modimo wa ka.


Dinyehelo tsa Juda le tsa Jerusalema di tla amoheleha ho Morena, jwaloka mehleng ya pele, jwaloka mengwaheng ya boholoholo.


Ha ba qetile ho rapela, sebaka seo ba neng ba kopanetse ho sona sa reketla, mme bohle ba tlala Moya o Halalelang, ba bolela lentswe la Modimo ka sebete.


Motse ha o hloke letsatsi kapa kgwedi ho o bonesetsa, hobane tlotla ya Modimo e a o kgantshetsa, mme lebone la wona ke Konyana.


Lengeloi la Morena la ama nama le dikuku tse sa lomoswang ka ntlha ya molamu wa lona, mme mollo wa tlola hodima lefika, wa tjhesa nama le dikuku tse sa lomoswang. Yaba lengeloi la Morena le nyamela a ntsa le shebile.


ကြှနျုပျတို့နောကျလိုကျပါ:

ကြော်ငြာတွေ


ကြော်ငြာတွေ