Biblia Todo Logo
အွန်လိုင်း သမ္မာကျမ်းစာ

- ကြော်ငြာတွေ -




2 Dikronike 6:4 - BIBELE

4 Yaba kgosi e re: “Ho bokwe Morena Modimo wa Iseraele, ya phethahaditseng seo a neng a se tshepise Davida, ntate, a re:

အခန်းကိုကြည့်ပါ။ ကော်ပီ

Sesotho 1909/1961 (SO)

4 a re: Ho bokwe Jehova, Modimo wa Iseraele, ya buileng ka molomo wa hae ho ntate Davida, ya phethileng polelo ya hae ka letsoho la hae, jwalokaha a ne a itse.

အခန်းကိုကြည့်ပါ။ ကော်ပီ




2 Dikronike 6:4
17 ပူးပေါင်းရင်းမြစ်များ  

Yaba kgosi e re: “Ho ke ho bokwe Morena Modimo wa Iseraele, ya phethahaditseng seo a neng a se tshepise Davida, ntate, ka molomo wa hae, a re:


Ke yena ya tla nkgahela Tempele, mme ke tla tsitsisa terone ya hae kamehla.


Davida a rorisa Morena moo setjhaba sohle se leng teng, a re: “Kamehla le mehla ho roriswe wena, Morena Modimo wa ntata rona, wa ntata rona Iseraele.


Yaba Davida o re ho setjhaba sohle: “Rorisang Morena Modimo wa lona!” Setjhaba sohle sa rorisa Morena Modimo wa bo-ntata sona; sa inamisa dihlooho tsa sona, sa kgumamela Morena, sa isa hlompho ho kgosi.


O bolokile tshepiso eo o neng o e etsetse mohlanka wa hao Davida, ntate. O bile o ne o bue ka molomo wa hao, mme ka letsatsi lena o phethahaditse polelo eo ka matla a hao.


Oho, Morena Modimo wa Iseraele, polelo ya hao, eo o neng o e bolelle mohlanka wa hao Davida, e ke e phethahatswe.


Yare setjhaba sohle sa Iseraele se sa eme moo, kgosi ya retelehela ka ho sona, ya se hlohonolofatsa.


‘Ho tloha mohla ke ntshang setjhaba sa ka Egepeta, ha ho motse, hara merabe ya Iseraele, oo nkileng ka o kgetha hore ke hahe Tempele eo ke tla dula ho yona ho wona, mme ha ke eso kgethe motho hore e be mmusi wa setjhaba sa ka sa Iseraele.


Esera a rorisa Morena Modimo e moholo, mme setjhaba sohle sa araba se phahamiseditse matsoho a sona hodimo, sa re: “A ho be jwalo! A ho be jwalo!” Sa inamisetsa dihlooho tsa sona fatshe, sa rapela Morena.


O tla mpoloka ke se na kodi, o mpee kapela hao kamehla.


Empa ba lokileng ba a thaba, ba nyakallela Modimo, ba tlale thabo.


Lehodimo le lefatshe di tla fela, empa mantswe a ka a ke ke a fela.”


Ho ke ho bokwe Modimo, Ntata Morena wa rona Jesu Kreste, ya re hlohonolofaditseng ka Kreste ka mahlohonolo wohle a moya, a tswang mahodimong.


ကြှနျုပျတို့နောကျလိုကျပါ:

ကြော်ငြာတွေ


ကြော်ငြာတွေ