Biblia Todo Logo
အွန်လိုင်း သမ္မာကျမ်းစာ

- ကြော်ငြာတွေ -




2 Dikronike 6:31 - BIBELE

31 Etsa hore ba tle ba o tshabe, ba tsamaye ditseleng tsa hao ka matsatsi wohle, ha ba ntse ba phela naheng eo o neng o e nee bo-ntata rona.

အခန်းကိုကြည့်ပါ။ ကော်ပီ

Sesotho 1909/1961 (SO)

31 hore ba tle ba o tshabe ka matsatsi wohle ao ba tla phela lefatsheng leo o le neileng bontata rona, mme ba tsamaye ditseleng tsa hao.

အခန်းကိုကြည့်ပါ။ ကော်ပီ




2 Dikronike 6:31
8 ပူးပေါင်းရင်းမြစ်များ  

o utlwe o le leahong la hao le lehodimong, o ba tshwarele. Motho ka mong o mo putse ho ya ka diketso tsa hae, hobane o tseba pelo ya hae. Ke wena, mme ke wena feela, ya tsebang dipelo tsa batho.


“Le moditjhaba, eo e seng wa setjhaba sa hao sa Iseraele, ya tswang naheng e hole ka baka la ho utlwa lebitso la hao le leholo, le kahobane a utlwile ha ho bolelwa matla a hao, mme a bona letsoho la hao le otlolohileng, a rapela a tadimile Tempeleng ena,


“Yaba o re ho motho: ‘Ho tshaba Morena ke bona bohlale; ho furalla bokgopo ke yona kutlwisiso.’ ”


Sefela sa ho nyolohela Jerusalema. Ho lehlohonolo bohle, bohle ba tshabang Morena, ba tsamayang ditseleng tsa hae.


Empa wena o a re tshwarela, e le hore re tle re o hlomphe.


Yaba Moshe o re ho setjhaba: “Se tshabeng, hobane Modimo o tlile ho le leka, e le hore le tle le mo tshabe, le se ke la etsa sebe.”


Kereke ya eba le kgotso Judea yohle, le Galelea, le Samaria; ya bopeha, ya phela ka ho tshaba Morena, mme ya anafala ka kgothatso ya Moya o Halalelang.


Le tshabe Morena feela, le mo sebeletse ka nnete le ka dipelo tsa lona tsohle. Elellwang dintho tse kgolo, tseo a le etseditseng tsona.


ကြှနျုပျတို့နောကျလိုကျပါ:

ကြော်ငြာတွေ


ကြော်ငြာတွေ