Biblia Todo Logo
အွန်လိုင်း သမ္မာကျမ်းစာ

- ကြော်ငြာတွေ -




2 Dikronike 6:29 - BIBELE

29 thapelo kapa kopo efe le efe, e etswang ke motho ofe le ofe, kapa setjhaba sa hao sohle sa Iseraele, kamoo motho ka mong a ka susumetswang ke matshwenyeho a hae le ditlokotsi tsa hae kateng, eba o otlollela matsoho a hae Tempeleng ena,

အခန်းကိုကြည့်ပါ။ ကော်ပီ

Sesotho 1909/1961 (SO)

29 mohlang oo, leha e ka ba mang le mang, hara setjhaba sa hao sohle sa Iseraele, ya beang thapelo le kopo, ka ho itseba e mong le e mong lefu la hae le bohloko ba hae, mme a otlolella nqa tlung ena matsoho a hae, o mamele o le mahodimong, tulong tsa hao,

အခန်းကိုကြည့်ပါ။ ကော်ပီ




2 Dikronike 6:29
11 ပူးပေါင်းရင်းမြစ်များ  

‘Haeba bobe bo ka re wela hodimo, eba re ka bolawa ka sabole, kapa ra ahlolwa, kapa ra welwa ke lefu la sewa, kapa sekoboto, re tla ema kapele ho Tempele ena, le kapele ho wena, hobane ke moo o kgumamellwang teng. Tsietsing ya rona re tla ipiletsa ho wena, mme o tla re utlwa, o re pholose.’


“Haeba naha e ena le sekoboto, ho ena le lefu la sewa, le lebabo, le boroku, le ditsie kapa bookgolane, eba dira tsa setjhaba sena di etsetsa metse ya sona thibella, leha ho ka ba le sewa sefe le sefe, kapa malwetse afe le afe,


o utlwe o le leahong la hao le lehodimong, o ba tshwarele. Motho ka mong o mo putse ho ya ka diketso tsa hae, hobane o tseba pelo ya hae. Ke wena, mme ke wena feela, ya tsebang dipelo tsa batho.


Ipiletse ho nna ka nako ya matshwenyeho; ke tla o lopolla, mme wena o tla ntlotlisa.”


Ha a ipiletsa ho nna ke tla mo araba; matshwenyehong ke be le yena, ke mo lopolle, ke mo tlotlise.


Motho o tseba bohloko ba pelo ya hae, ha ho e mong ya ka utlwang thabo ya yona.


Ha le phahamisa matsoho ho ipiletsa ho nna, ke tla ipata sefahleho; leha le ka etsa dithapelo tse ngata, nke ke be ka le mamela, matsoho a lona a kganathetse madi.


ကြှနျုပျတို့နောကျလိုကျပါ:

ကြော်ငြာတွေ


ကြော်ငြာတွေ