Biblia Todo Logo
အွန်လိုင်း သမ္မာကျမ်းစာ

- ကြော်ငြာတွေ -




2 Dikronike 6:28 - BIBELE

28 “Haeba naha e ena le sekoboto, ho ena le lefu la sewa, le lebabo, le boroku, le ditsie kapa bookgolane, eba dira tsa setjhaba sena di etsetsa metse ya sona thibella, leha ho ka ba le sewa sefe le sefe, kapa malwetse afe le afe,

အခန်းကိုကြည့်ပါ။ ကော်ပီ

Sesotho 1909/1961 (SO)

28 Leha tlala e wele lefatsheng, leha e le lefu la sewa, leha e le boroku, kapa phori, leha ho wele tsie, kapa hlafa, leha dira tsa bona di ka ba qotetsa lefatsheng la metse ya bona, leha ho hlahile tlokotsi efe le efe, kapa pabo efe le efe,

အခန်းကိုကြည့်ပါ။ ကော်ပီ




2 Dikronike 6:28
19 ပူးပေါင်းရင်းမြစ်များ  

Elisha o ne a ile a laela mosadi eo a neng a ile a tsosa mora wa hae bafung, a re: “Ema, o tsamaye, o falle le ba lelapa la hao, o yo jaka moo o ka jakang teng, hobane Morena o laotse hore tlala e be teng ka dilemo tse supileng.”


Kamora tsohle tseo Hesekiya a ileng a di etsa ka botshepehi, Saneheribe, kgosi ya Asiria, a fihla, a futuhela naha ya Juda. A etsetsa metse e haheleditsweng ya Juda thibella, a hopotse ho ikgapela yona.


Mehleng eo Hesekiya a kulela lefu, mme a rapela Morena. Morena a mo araba, a mo etsetsa mohlolo.


thapelo kapa kopo efe le efe, e etswang ke motho ofe le ofe, kapa setjhaba sa hao sohle sa Iseraele, kamoo motho ka mong a ka susumetswang ke matshwenyeho a hae le ditlokotsi tsa hae kateng, eba o otlollela matsoho a hae Tempeleng ena,


“Ha ke etsa hore letsatsi le eme, pula e se ke ya na, kapa ke laela ditsie ho kumola naha, kapa ke romela sewa hara setjhaba sa ka,


Lona balemi, nyahamang dipelo! Lona ba lemang morara, bokollang! Bokollelang koro, le bokollele harese, hoba kotulo e senyehetse masimong.


“Ke tla le buseletsa, ke le buseletse se senyehileng, se jelweng ke ditsie ka dilemo tse ngata; sa jewa ke mekgahlelo ya ditsie, ya se ja, ya se kokona sohle; lebothohadi leo ke le neeletseng ka lona.


le nna ke tla etsa jwalo ho lona, ke le hlorise ka lefu la lefuba, le la feberu le foufatsang, le le fedisang. Le tla lemela ntataselala, hobane dira tsa lona di tla ja dijalo tsa lona.


Na hara lona ho teng motho ya mathateng? A ke a rapele. Na ho teng ya thabileng? A ke a bine difela.


Mehleng ya ha ho ne ho busa baahlodi, naha ya Iseraele ya eba le tlala. Monna e mong wa Betlelehema e Juda, a ena le mosadi wa hae le bara ba hae ba babedi, a ya jaka naheng ya Moabe.


ကြှနျုပျတို့နောကျလိုကျပါ:

ကြော်ငြာတွေ


ကြော်ငြာတွေ