Biblia Todo Logo
အွန်လိုင်း သမ္မာကျမ်းစာ

- ကြော်ငြာတွေ -




2 Dikronike 6:26 - BIBELE

26 “Ha letsatsi le eme, pula e sa ne, hobane setjhaba sa hao se o sitetswe, mme eba se rapela se tadimile Tempeleng ena, se bolela hore ke wena Modimo, se furalla sebe sa sona ha o se otla,

အခန်းကိုကြည့်ပါ။ ကော်ပီ

Sesotho 1909/1961 (SO)

26 Mohla mahodimo a thibaneng, pula e sa ne, kahobane ba o sitetswe, ha ba rapela ba lebile nqalong ena, ba rorisa lebitso la hao, mme ba baka dibeng tsa bona, ha o ba otlile,

အခန်းကိုကြည့်ပါ။ ကော်ပီ




2 Dikronike 6:26
20 ပူးပေါင်းရင်းမြစ်များ  

o se utlwe o le lehodimong, mme o se tshwarele sebe sa sona, o se kgutlisetse naheng eo o neng o e nee bo-ntata sona.


“Ha ke etsa hore letsatsi le eme, pula e se ke ya na, kapa ke laela ditsie ho kumola naha, kapa ke romela sewa hara setjhaba sa ka,


Ya patang dibe tsa hae a ke ke a ba le katleho; ya ipolelang tsona, a di bakela, o tla fumana mohau.


Ke tla e tlohela e senyehe, morara o ke ke wa faolwa kapa wa lemelwa, hlabahlabane le meutlwa di tla mela ho yona, ke thibele maru a se ka e nesetsa pula.”


“Wena ngwana motho, ha setjhaba sa naha se ntshitelwa haholo ka ho ntlhokela botshepehi, ke tla otlollela letsoho la ka hodima naha eo, ke fedise dijo tsa naha eo, ke e tlisetse sekoboto, ke bolaye baahi ba yona, le diphoofolo tsa yona.


Ke tla tsamaya ke ikgutlelle haeso, ho fihlela ba dumela molato wa bona, ba o dumela, ba bile ba mpatla. Matshwenyehong a bona ba tla mpatla, ba mpatlisise.”


Ke tla fedisa matla ao le ikgohomosang ka wona, lehodimo le ke ke la le nesetsa pula, mme lefatshe la lona le tla omella jwaloka tshepe.


“Kannete ke a le bolella, ho ne ho ena le basadi ba bangata ba bahlolohadi Iseraeleng mehleng ya Elia, pula e sa ne ka dilemo tse tharo le dikgwedi tse tsheletseng, tlala e kgolo e le teng naheng eo yohle.


Kgalefo ya Morena e tla le tlokomela, a thibe mahodimo hore ho se ne pula, naha e hloke kotulo, lona le shwe kapele naheng e ntle, eo Morena a le neang yona.


Lehodimo le o okametseng le ke ke la nesa pula, mobu oo o tsamayang hodima wona o tla ba sengangata jwaloka tshepe.


Dipaki tsena di na le matla a ho kwala lehodimo, e le hore pula e se ke ya na nakong ya ha di ntse di porofeta. Hape di na le matla a ho fetola metsi madi, le a ho otla lefatshe ka kotlo efe kapa efe, neng kapa neng ha di rata.


ကြှနျုပျတို့နောကျလိုကျပါ:

ကြော်ငြာတွေ


ကြော်ငြာတွေ