Biblia Todo Logo
အွန်လိုင်း သမ္မာကျမ်းစာ

- ကြော်ငြာတွေ -




2 Dikronike 6:21 - BIBELE

21 Ako mamele kopo ya mohlanka wa hao, le ya setjhaba sa hao sa Iseraele, ha se rapela se tadimile sebakeng sena. Mamela o le leahong la hao le lehodimong, mme ha o utlwa, o se tshwarele.

အခန်းကိုကြည့်ပါ။ ကော်ပီ

Sesotho 1909/1961 (SO)

21 Mamela dikopo tsa mohanka wa hao le tsa setjhaba sa hao sa Iseraele, mohla ba rapelang nqalong ena; o mamele, o le mahodimong, tulong tsa hao, o mamele, o be o tshwarele.

အခန်းကိုကြည့်ပါ။ ကော်ပီ




2 Dikronike 6:21
16 ပူးပေါင်းရင်းမြစ်များ  

Jwale baprista, e leng Balevi, ba ema, ba hlohonolofatsa setjhaba. Mantswe a bona a utlwahala, mme thapelo ya bona ya fihla leahong la Modimo le halalelang, le lehodimong.


“Ha motho a sitelwa wa habo, mme a tliswa kapele ho aletare ya hao, ka Tempeleng ena, ho thwe a hlapanye hore ha a na molato,


o utlwe thapelo le kopo ya bona, o le leahong la hao le lehodimong, mme o ba sebeletse ka toka, o tshwarele setjhaba sa hao se o sitetsweng.


Sefela sa ho nyolohela Jerusalema. Mahlo a ka a tadima ho wena, wena ya dutseng teroneng, lehodimong;


Se potlakele ho ahlamisa molomo, pelo ya hao e se ke ya ba lehala ho bua ho hong kapela Modimo. Modimo o lehodimong, wena o lefatsheng, kahoo polelo tsa hao di se be kae.


Morena o itse ho nna: “Ke tla tadima ke le leahong la ka, ke kgutsitse, sa ha tsatsi le tjhesa haholo, sa phoka e lalang ha ho kotulwa.”


Nna, nna ke inotshi, ke hlakola ditshito tsa hao, ke di hlakola ka baka la ka, ha ke sa hlola ke hopola dibe tsa hao.


Ke hlakotse tshito tsa hao jwaloka leru, ka hlakola dibe tsa hao jwaloka mohodi, kgutlela ho nna, hobane ke o lopolotse.”


Ya phahameng, ya hodimodimo, yena ya phelang kamehla yohle, eo lebitso la hae le halalelang, o re: “Ke phela bakeng se phahameng, bakeng se halalelang, ya robehileng moya, ke phela le yena, le ya ikokobeditseng ke phela le yena, ke kgothatsa ya ikokobetsang, ke kgothatsa ya robehileng moya.


Oho, Morena, ako re mamele! Oho, Morena, ako re tshwarele! Oho, Morena, ako re utlwe, mme o phethe jwalo! Ka baka la hao feela, wena Modimo wa ka, o se ke wa dieha, hobane motse wa hao o bitswa ka lebitso la hao, le setjhaba sa hao se bitswa ka lebitso la hao.”


Ke Modimo ofe ya tshwanang le wena? Ya tshwarelang dibe, a leballe ditlolo tsa masalla a setjhaba sa hae? Wena o Modimo ya sa halefeleng ruri, wena o Modimo ya thabelang ho hauhela.


o re tshwarele ditshito tsa rona, jwalokaha le rona re tshwarela ba re sitetsweng;


“Ha ho le jwalo, lona rapelang tjena: “ ‘Ntata rona ya mahodimong, lebitso la hao le halaletswe;


ကြှနျုပျတို့နောကျလိုကျပါ:

ကြော်ငြာတွေ


ကြော်ငြာတွေ