Biblia Todo Logo
အွန်လိုင်း သမ္မာကျမ်းစာ

- ကြော်ငြာတွေ -




2 Dikronike 6:17 - BIBELE

17 Oho, Morena Modimo wa Iseraele, polelo ya hao, eo o neng o e bolelle mohlanka wa hao Davida, e ke e phethahatswe.

အခန်းကိုကြည့်ပါ။ ကော်ပီ

Sesotho 1909/1961 (SO)

17 Jwale, Jehova, Modimo wa Iseraele, ho ke ho netahale polelo ya hao eo o neng o e bolelle mohlanka wa hao Davida!

အခန်းကိုကြည့်ပါ။ ကော်ပီ




2 Dikronike 6:17
10 ပူးပေါင်းရင်းမြစ်များ  

a re: “Oho, Morena Modimo wa Iseraele, ha ho Modimo ya kang wena lehodimong le lefatsheng; ya bolokang selekane, ya hauhelang bahlanka ba hae ba latelang melao ya hae ka dipelo tsa bona tsohle.


“Jwale wena Morena Modimo wa Iseraele, ako boloke tshepiso eo o neng o e etsetse mohlanka wa hao Davida, ntate, wa re: ‘O ke ke wa hloka mohlahlami ya tla dula teroneng ya Iseraele, ha feela bara ba hao ba ka hlokomela metsamao ya bona, ba latela melao ya ka jwalokaha o ile wa etsa.’


“Empa na, ruri, Modimo o tla hle a ahe lefatsheng le batho? Bona, haesitana le mahodimo a maholo hakanakana, a sa o lekane, ebe jwale Tempele ee, e hahilweng ke nna, yona e ka o lekana jwang?


Yaba kgosi e re: “Ho bokwe Morena Modimo wa Iseraele, ya phethahaditseng seo a neng a se tshepise Davida, ntate, a re:


Ba bona Modimo wa Iseraele; tlasa maoto a hae ho le letlapa le kang la lejwe la safire, le hlwekileng jwaloka mahodimo.


“Mafutsana le bahloki ba batla metsi, empa metsi ha ba a fumane, maleme a bona a omeletse ke lenyora. Empa nna Morena, ke tla ba araba, nna Modimo wa Iseraele, nke ke ka ba furalla.


Ke tla o nea matlotlo a patilweng hara mafifi, maruo a patilweng dikgotjheletsaneng, o tle o tsebe hore ke nna Morena, Modimo wa Iseraele, ya o bitsang ka lebitso.


Ke tla phetha kano eo ke neng ke e etsetse bo-ntata lona, ya hore ke tla ba nea naha e phallang lebese le mahe a dinotshi, e leng naha ena eo e leng ya lona kajeno.” Nna ka araba, ka re: “A ho be jwalo, Morena!”


Manowa a ema, a latela mosadi wa hae; a fihla ho monna eo, mme a re ho yena: “Na ke wena monna ya ileng a bua le mosadi eo?” Yaba monna eo o re: “Ke nna.”


ကြှနျုပျတို့နောကျလိုကျပါ:

ကြော်ငြာတွေ


ကြော်ငြာတွေ