Biblia Todo Logo
အွန်လိုင်း သမ္မာကျမ်းစာ

- ကြော်ငြာတွေ -




2 Dikronike 6:12 - BIBELE

12 Yaba Solomone o ema kapele ho aletare ya Morena, moo setjhaba sohle sa Iseraele se ntseng se bona, a phakalatsa matsoho.

အခန်းကိုကြည့်ပါ။ ကော်ပီ

Sesotho 1909/1961 (SO)

12 Yaba Salomone o ema pela aletare ya Jehova, pontsheng ho phutheho yohle ya Iseraele, a emisa matsoho a hae.

အခန်းကိုကြည့်ပါ။ ကော်ပီ




2 Dikronike 6:12
15 ပူးပေါင်းရင်းမြစ်များ  

Ha a fihla, a bona kgosi e eme pela tshiya, ho latela moetlo, mahosana le baletsi ba diterompeta ba le pela kgosi, le setjhaba sohle se nyakaletse, se letsa diterompeta. Ataleya a hahola diaparo tsa hae, a howeletsa, a re: “Bohlabaphiyo! Bohlabaphiyo!”


Kgosi ya ema pela tshiya, ya ntjhafatsa selekane kapele ho Morena, e leng sa ho latela Morena, le ho boloka ditaelo tsa hae, le ditemoso tsa hae, le melao ya hae, ka pelo ya yona yohle, le ka moya wa yona wohle, le ho phethisa mantswe a ngotsweng bukeng ena. Batho bohle ba itlama ka selekane seo.


Ke kentse areka ka ho yona, e leng areka eo selekane sa Morena, seo a neng a se etse le bana ba Iseraele, se leng ka ho yona.”


Solomone o ne a hahile sethala sa lethose. Bolelele ba sona e ne e ka ba dimethara tse pedi le halofo, bophara ba sona e ka ba dimethara tse pedi le halofo, ha bophahamo ba sona e ne e ka ba methara le halofo. O ne a se beile bohareng ba lebala. A hlwella hodima sona, a nto kgumama moo setjhaba sohle sa Iseraele se ntseng se mmona, a phahamisetsa matsoho a hae lehodimong,


“Empa ha o boela o mo nea pelo ya hao, o otlollela matsoho a hao ho yena;


Thapelo ya ka e nyolohele ho wena, e nyolohe jwaloka mokubetso, ke phahamise matsoho a ka e le nyehelo ya mantsiboya.


Ke phahamisa matsoho a ka, ke a phahamisetsa ho wena, moya wa ka o o nyoretswe jwaloka lefatshe le omeletseng.


Ako utlwe thapedi ya ka, ha ke o llela, ke phahamiseditse matsoho a ka Sehalalelong se halalelang ka ho fetisisa.


Mohau wa hao o molemo ho feta bophelo, molomo wa ka o tla o rorisa.


Kgalema sebatana se moferong, batho ba kang mohlape wa dipoho, le manamane a wona, ba ke ba ineele, ba o tlisetse silefera; qhalanya ditjhaba tse ratang ntwa.


Yaba Moshe o tloha ho Faro, o tswa motseng, o phahamisetsa matsoho a hae ho Morena, mme letolo le sefako tsa kgaotsa, le pula ya se ke ya hlola e potlelana.


Ke mang wa lona ya tshabang Morena, ya mamelang lentswe la mohlanka wa hae? Ya tsamayang lefifing a se na lesedi? Ha a ke a tshepe lebitso la Morena, a itshetlehe ka Modimo wa hae.


Ke lakatsa hore dibakeng tsohle banna ba rapele, ba phahamise matsoho a se nang molato, ho se kgalefo kapa ngangisano.


ကြှနျုပျတို့နောကျလိုကျပါ:

ကြော်ငြာတွေ


ကြော်ငြာတွေ