Biblia Todo Logo
အွန်လိုင်း သမ္မာကျမ်းစာ

- ကြော်ငြာတွေ -




2 Dikronike 6:11 - BIBELE

11 Ke kentse areka ka ho yona, e leng areka eo selekane sa Morena, seo a neng a se etse le bana ba Iseraele, se leng ka ho yona.”

အခန်းကိုကြည့်ပါ။ ကော်ပီ

Sesotho 1909/1961 (SO)

11 ke beile areka teng, moo selekane sa Jehova se leng teng, seo a neng a se tlabole le bana ba Iseraele.

အခန်းကိုကြည့်ပါ။ ကော်ပီ




2 Dikronike 6:11
9 ပူးပေါင်းရင်းမြစ်များ  

Ke lokisitse sebaka sa areka, moo ho bolokilweng selekane sa Morena, seo a neng a se etse le bo-ntata rona, ha a ne a ba ntsha naheng ya Egepeta.”


Ho ne ho se letho kahara areka, haese matlapa a mabedi, ao Moshe a neng a a kenye kateng ha ba le Horebe, mohla Morena a etsang selekane le bana ba Iseraele, ha ba ne ba etswa naheng ya Egepeta.


Ho ne ho se letho kahara areka, ha e se matlapa a mabedi, ao Moshe a neng a a kenye kateng ha ba le Horebe, mohla Morena a etsang selekane le bana ba Iseraele, ha ba ne ba etswa naheng ya Egepeta.


Baprista ba tlisa areka ya selekane sa Morena ka Tempeleng, ba e bea ditulong tsa yona, ka Sehalalelong se halalelang ka ho fetisisa, tlasa mapheo a dikerubime.


“Jwale Morena o phethahaditse polelo eo a neng a e bue, hobane ke tswetswe tlung ya Davida, ntate. Ke dutse terone ya Iseraele jwalokaha Morena a ne a tshepise, mme ke bile ke hahetse Morena Modimo wa Iseraele Tempele.


Yaba Solomone o ema kapele ho aletare ya Morena, moo setjhaba sohle sa Iseraele se ntseng se bona, a phakalatsa matsoho.


O re: “Bokellang batshepuwa ba ka, le ba bokelle kapele ho nna, e leng ba entseng selekane le nna ba se entseng ka mahlabelo.”


A nka matlapa a ngotsweng Molao, a a kenya ka arekeng, a kgwesa mefeng mahlakoreng a areka, mme a bea sekwahelo sa tefelo ya sebe hodima areka.


Ka ho sona ho ne ho ena le aletare ya kgauta, moo ho neng ho tjhesetswa mokubetso teng, le areka ya selekane e apesitsweng ka kgauta, moo ho kentsweng pitsa ya kgauta e tshetseng manna, le lere la Arone le neng le ile la eba le dithunthung, le matlapa a mabedi ao ho ngotsweng mantswe a selekane ho wona.


ကြှနျုပျတို့နောကျလိုကျပါ:

ကြော်ငြာတွေ


ကြော်ငြာတွေ