Biblia Todo Logo
အွန်လိုင်း သမ္မာကျမ်းစာ

- ကြော်ငြာတွေ -




2 Dikronike 6:10 - BIBELE

10 “Jwale Morena o phethahaditse polelo eo a neng a e bue, hobane ke tswetswe tlung ya Davida, ntate. Ke dutse terone ya Iseraele jwalokaha Morena a ne a tshepise, mme ke bile ke hahetse Morena Modimo wa Iseraele Tempele.

အခန်းကိုကြည့်ပါ။ ကော်ပီ

Sesotho 1909/1961 (SO)

10 Jehova o hlahisitse seo molomo wa hae o se boletseng; hobane ke eme tulong tsa ntate Davida, ke bile ke dutse teroneng ya Iseraele, jwalokaha Jehova a ne a boletse; ke bile ke hahetse lebitso la Jehova, Modimo wa Iseraele, ntlo;

အခန်းကိုကြည့်ပါ။ ကော်ပီ




2 Dikronike 6:10
12 ပူးပေါင်းရင်းမြစ်များ  

Solomone a dula teroneng ya ntatae Davida, mme mmuso wa hae wa tsitsa.


“ ‘Ha matsatsi a hao a se a fetile, o se o orohetse ho bo-ntatao, ke tla etsa hore e mong wa bara ba hao a o hlahlame, ke tiise mmuso wa hae.


“Jwale he, mora ka, Morena a ke a be le wena, a o atlehise, o tle o tsebe ho hahela Morena Modimo wa hao, Tempele, jwalokaha a itse o tla etsa.


Morena o mphile bara ba bangata, mme hara bara bohle o kgethile Solomone, mora wa ka, ho dula teroneng ya mmuso wa Morena, a buse Iseraele.


Mahlong a hao re baeti le bajaki, jwaloka bo-ntata rona bohle. Matsatsi a rona, lefatsheng mona, a jwaloka seriti, mme ha ho ya nang le tshepo.


Solomone a dula teroneng ya Morena, ya eba kgosi sebakeng sa ntatae Davida, mme a atleha. Baiseraele bohle ba mo hlompha.


Solomone, mora wa Davida, a tsitsa mmusong wa hae; Morena Modimo wa hae, a ba le yena, mme a mo phahamisa haholo.


Ke kentse areka ka ho yona, e leng areka eo selekane sa Morena, seo a neng a se etse le bana ba Iseraele, se leng ka ho yona.”


leha ho le jwalo, hase wena ya tla nkgahela Tempele, empa mora wa hao, ya tswang lethekeng la hao, ke yena ya tla nkgahela yona.’


Moloko o a hlaha, moloko o a feta, fatshe lona le hlola kamehla yohle.


ကြှနျုပျတို့နောကျလိုကျပါ:

ကြော်ငြာတွေ


ကြော်ငြာတွေ