2 Dikronike 5:13 - BIBELE13 Baletsi ba diterompeta, le dibini, ba amohela pina jwalokaha eka ho bina motho a le mong, ba rorisa Morena. Ba ne ba tlatsitswe ke diterompeta, le matlheretlhere le diletsa tse ding, ba rorisa Morena, ba re: “Bokang Morena hobane o molemo; mohau wa hae ke wa kamehla yohle.” Yaba leru le tlala ka Tempeleng ya Morena. အခန်းကိုကြည့်ပါ။Sesotho 1909/1961 (SO)13 ba letsang le ba binang, eitse ha ba kopanya mantswe jwaloka eka ke la motho a le mong, ho rorisa le ho boka Jehova, mme ba phahamisa mantswe, ha ho ntse ho letswa diterompeta le disimbala le diletsa tse ding, ba boka Jehova, ba re: Hobane o molemo, hobane mohau wa hae ke o sa feleng; ntlo, ntlo ya Jehova ya tlala leru; အခန်းကိုကြည့်ပါ။ |
Baprista ba eba ditulong tsa bona, le Balevi ba neng ba letsa diletsa tsa Morena tsa mmino, tseo kgosi Davida a neng a di etseditse ho rorisa Morena. Balevi, ba shebane le baprista, ba letsa diterompeta, ba boka Morena, ba re: “Mohau wa hae ke wa kamehla yohle.” Baiseraele bohle bona ba ne ba eme ka maoto.
ho tla boela ho utlwahala mehoo ya thabo le ya nyakallo, le lentswe la monyadi le lentswe la monyaduwa, le mantswe a binang, ha ba tlisa nyehelo tsa teboho ka Tempeleng ya Morena, ba re: “ ‘Lebohang Morena wa mabotho, hobane Morena o lokile, mohau wa hae ke wa kamehla yohle,’ “hobane ke tla kgutlisa bathopuwa ba naha ena, mme ba tla ba jwaloka pele, ho rialo Morena.