Biblia Todo Logo
အွန်လိုင်း သမ္မာကျမ်းစာ

- ကြော်ငြာတွေ -




2 Dikronike 5:11 - BIBELE

11 Baprista ba tswa ka Sehalalelong. Bohle ba neng ba etswa kamoo ba ne ba itlhwekisitse ho sa natswe dihlopha tsa bona.

အခန်းကိုကြည့်ပါ။ ကော်ပီ

Sesotho 1909/1961 (SO)

11 Eitse hobane baprista ba tswe sehalalelong, hobane baprista bohle ba neng ba le teng ba ne ba itlhwekisitse, e seng ka ho ya ka dihlopha tsa bona,

အခန်းကိုကြည့်ပါ။ ကော်ပီ




2 Dikronike 5:11
13 ပူးပေါင်းရင်းမြစ်များ  

Yaba baprista le Balevi ba a itlhwekisa, hore ba tle ba tsebe ho lata areka ya Morena Modimo wa Iseraele.


Banna bana ba bokella bana babo bona, ba itlhwekisa, mme ba hlwekisa le Tempele ya Morena, ho ya ka taelo ya kgosi, ho latela dipolelo tsa Morena.


Empa baprista ba ne ba se bakae, hoo ba neng ba sitwa ho buha diphoofolo tsohle tsa nyehelo ya setjheso; ka baka leo, bana babo bona, e leng Balevi, ba ba thusa ho fihlela mosebetsi o phethwa, le ho fihlela baprista ba bang ba itlhwekisitse, hobane Balevi ba ne ba tjhesehela ho itlhwekisa ho feta baprista.


A re ho bona: “Lona Balevi, mmameleng! Itlhwekiseng hona jwale, mme le hlwekise le Tempele ya Morena Modimo wa bo-ntata lona, le hleke ditshila tsohle sebakeng sena se halalelang.


Ka letsatsi la leshome le metso e mene la kgwedi ya bobedi, ba hlaba konyana ya Paseka. Baprista le Balevi ba hlajwa ke dihlong, mme ba itlhwekisa, ba tlisa dinyehelo tsa setjheso ka Tempeleng ya Morena.


Le itlhophe ho ya ka malapa a bo-ntata lona, le ho ya ka dihlopha tsa lona, kamoo Davida, kgosi ya Iseraele, le Solomone, mora wa hae, ba ngotseng kateng.


Le hlabe konyana ya Paseka, le ikgalaletse, le lokisetse le bana babo lona, ho ya ka taelo ya Morena eo a neng a e etse ho Moshe.”


Balevi bohle, bao e neng e le dibini, e leng bo-Asafo, le Hemane, le Jedutune, le bara ba bona, le bana babo bona, ba ne ba eme ka botjhabela ho aletare, ba apere diaparo tsa lene tse tshweu, ba letsa matlheretlhere, le dikatara, le diharepa. Ba ne ba tlatsitswe ke baprista ba lekgolo le mashome a mabedi, ba neng ba letsa diterompeta.


Ha mokete o mong le o mong o ne o fedile, Jobo o ne a ye a ba bitse, a ba hlwekise, a tsohe ka madungwadungwana, a etsetse e mong le e mong wa bona nyehelo ya setjheso, hobane ka pelong ya hae o ne a ye a re: “Mohlomong bara ba ka ba ile ba sitelwa Modimo, ba mo nyefola ka dipelong tsa bona.” Jobo o ne a ye a etse hona kamehla.


Yaba Morena o re ho Moshe: “Eya ho setjhaba, o re se itlhwekise kajeno le hosasane; se hlatswe le diaparo tsa sona.


ကြှနျုပျတို့နောကျလိုကျပါ:

ကြော်ငြာတွေ


ကြော်ငြာတွေ