Biblia Todo Logo
အွန်လိုင်း သမ္မာကျမ်းစာ

- ကြော်ငြာတွေ -




2 Dikronike 4:3 - BIBELE

3 Katlasa molomo wa yona, ho o potapota, ho ne ho ena le ditshwantsho tsa dipohwana, mme halofong e nngwe le e nngwe ya methara ho ena le dipohwana tse leshome. Dipohwana di ne di entse mela e mmedi, di bopeletswe le tanka.

အခန်းကိုကြည့်ပါ။ ကော်ပီ

Sesotho 1909/1961 (SO)

3 Katlasa lona, ho ne ho le ditshwantsho tsa dikgomo tse teetseng letsha kahohle hare, di etsa mela e mmedi ya dikgomo, di tsholotswe hammoho le letsha.

အခန်းကိုကြည့်ပါ။ ကော်ပီ




2 Dikronike 4:3
8 ပူးပေါင်းရင်းမြစ်များ  

A etsa le tanka e tjhitja ka tshepe e qhibidisitsweng. Boahlamo ba molomo wa yona e ne e ka ba dimethara tse nne le halofo, bophahamo e ka ba dimethara tse tharo. Bolelele ba ho potapota boahlamo ba yona bo ne bo etsa dimethara tse ka bang leshome le metso e meraro le halofo.


Tanka e ne e dutse hodima mekokotlo ya dipohwana tse leshome le metso e mmedi; tse tharo di tadimile leboya, tse tharo di tadimile bophirimela, tse tharo di tadimile borwa, tse tharo di tadimile botjhabela. Tanka e ne e beilwe hodima mekokotlo ya tsona, di furallane.


Fahleho tsa tsona di ne di le tjena: Sebopuwa ka seng se ne se ena le sefahleho se kang sa motho, ka lehlakoreng le letona e le se kang sa tau, ka ho le letshehadi e le se kang sa poho, mme sebopuwa ka seng se ena le sefahleho se kang sa ntsu.


Kerubime ka nngwe e ne e ena le difahleho tse nne: sefahleho se seng e le sa kerubime, se seng e le sefahleho sa motho, se seng e le sefahleho sa tau, se seng e le sefahleho sa ntsu.


Le potolohe motse ona le bahlabani bohle, le o potolohe hanngwe. Le etse jwalo ka matsatsi a tsheletseng.


Sebopuwa se phelang sa pele, se ne se tshwana le tau. Sebopuwa se phelang sa bobedi, se ne se tshwana le pohwana. Sebopuwa se phelang sa boraro, se ne se ena le sefahleho se kang sa motho. Sebopuwa se phelang sa bone, se ne se tshwana le ntsu e fofang.


ကြှနျုပျတို့နောကျလိုကျပါ:

ကြော်ငြာတွေ


ကြော်ငြာတွေ