Biblia Todo Logo
အွန်လိုင်း သမ္မာကျမ်းစာ

- ကြော်ငြာတွေ -




2 Dikronike 4:2 - BIBELE

2 A etsa le tanka e tjhitja ka tshepe e qhibidisitsweng. Boahlamo ba molomo wa yona e ne e ka ba dimethara tse nne le halofo, bophahamo e ka ba dimethara tse tharo. Bolelele ba ho potapota boahlamo ba yona bo ne bo etsa dimethara tse ka bang leshome le metso e meraro le halofo.

အခန်းကိုကြည့်ပါ။ ကော်ပီ

Sesotho 1909/1961 (SO)

2 Hape a etsa letsha le tsholotsweng; le ne le le ditswe tse leshome ho nka morumong o mong ho tlisa morumong o mong; le ne le le letjhitja, botebo ba lona e le ditswe tse hlano, tekanyo ya botjhitja ba lona e le ditswe tse mashome a mararo.

အခန်းကိုကြည့်ပါ။ ကော်ပီ




2 Dikronike 4:2
10 ပူးပေါင်းရင်းမြစ်များ  

Ditshiya tsa lethose, le ditshehetso tsa tsona, le tanka ya lethose eo baprista ba tollang ka ho yona, tsena di ne di le ka Tempeleng ya Morena, mme Bakalatiya ba di pshatla, ba nka lethose la tsona, ba le isa Babilona.


Ka mokgwa o jwalo, le metseng ya Hadade-Esere, e leng Tibehate le Kune, Davida a nka lethose le lengata, leo ka lona Solomone a ileng a etsa tanka ya lethose eo baprista ba tollang ka ho yona, le ditshiya, le dintho tsa lethose.


Katlasa molomo wa yona, ho o potapota, ho ne ho ena le ditshwantsho tsa dipohwana, mme halofong e nngwe le e nngwe ya methara ho ena le dipohwana tse leshome. Dipohwana di ne di entse mela e mmedi, di bopeletswe le tanka.


A etsa dintho tsohle tse sebediswang aletareng: dithothobolo, le dikgarashwana, le dinwelo, le difereko tse hlabang nama, le dipane; tsena tsohle tsa yona a di etsa ka lethose.


Yaba o etsa sekotlolo sa ho itlhatswetsa, le sedulwana sa sona; a di etsa ka lethose; a di etsa ka diipone tsa basadi ba neng ba sebetsa monyakong wa Tente ya selekane.


“Mohla tsatsi leo, sediba se tla ba teng, seo ba ntlo ya Davida le baahi ba Jerusalema, ba tla hlwekiswa sebe le ditshila tsa bona ho sona.


a re pholosa, e seng ka baka la mesebetsi e lokileng eo re e entseng, empa e le ka baka la lereko la hae. A re pholosa ka tlhatsuo ya ho tswalwa botjha, eo Moya o Halalelang o re ntjhafatsang ka yona.


Ka mo araba, ka re: “Monghadi, ho tseba wena.” A re ho nna: “Ke ba tswang matshwenyehong a maholo. Ba hlatswitse diaparo tsa bona, mme ba di sweufatsa ka madi a Konyana.


ကြှနျုပျတို့နောကျလိုကျပါ:

ကြော်ငြာတွေ


ကြော်ငြာတွေ