Biblia Todo Logo
အွန်လိုင်း သမ္မာကျမ်းစာ

- ကြော်ငြာတွေ -




2 Dikronike 36:23 - BIBELE

23 “Siruse, kgosi ya Peresiya, o bua tjena: ‘Morena Modimo wa mahodimo, o nneile mebuso yohle ya lefatshe, mme o ntaetse hore ke mo hahele Tempele Jerusalema, naheng ya Juda. E mong le e mong wa setjhaba sa hae, ya teng mona hara lona, ke re Morena Modimo wa hae, a ke a be le yena, mme eo a nyolohele hona teng.’ ”

အခန်းကိုကြည့်ပါ။ ကော်ပီ

Sesotho 1909/1961 (SO)

23 Ho itswe ke Siruse, morena wa Persia: Jehova, Modimo wa mahodimo, o nneile mebuso yohle ya lefatshe; o ntaetse hore ke mo hahele ntlo Jerusalema, naheng ya Juda. Hara lona bohle, mang le mang eo e leng wa setjhaba sa hae, Jehova, Modimo wa hae, a be le yena, mme a nyolohe!

အခန်းကိုကြည့်ပါ။ ကော်ပီ




2 Dikronike 36:23
22 ပူးပေါင်းရင်းမြစ်များ  

Bongata ba kgauta, le silefera, le lethose, le tshepe, ke bo ke keng ba balwa. O eme ka maoto, o sebetse, mme Morena a ke a be le wena.”


e leng kgauta e tla etsa dintho tsa kgauta, le silefera e tla etsa dintho tsa silefera, le mesebetsi yohle e tla etswa ke ditsebi tsa mesebetsi ya matsoho. Jwale ke mang ya ithaopelang ho sebeletsa Morena kajeno?”


Ka selemo sa pele sa puso ya Siruse, kgosi ya Peresiya, Morena a susumetsa kgosi eo hore e etse phatlalatso mmusong wohle wa yona, ho tle ho phethahale polelo ya Morena eo a neng a e bolele ka Jeremia. Kgosi ya e ngola, ya re:


Ka selemo sa pele sa puso ya Siruse, kgosi ya Peresiya, Morena a phethahatsa polelo eo a neng a e bolele ka Jeremia. Morena a susumetsa Siruse hore a etse phatlalatso ka lengolo, mme le romelwe mmusong wohle wa hae. Kgosi ya e ngola, ya re:


“Mona ke etsa taelo ya hore ofe kapa ofe wa setjhaba sa Iseraele, mmoho le baprista ba sona, le Balevi, ya pusong ya ka, ya ithaopelang ho nyolohela Jerusalema, a tsamaye le wena.


Bokang Modimo wa mahodimo; mohau wa hae ke wa kamehla yohle.


“Ya tswang botjhabela o ila tliswa ke mang, yena ya hlolang hohle moo a yang teng? Ya mo neileng matla a ho hlola ditjhaba ke mang, hore a hatakele dikgosi tse mo emang kapele? O di fekefa ka sabole, a di fetole lerole, ka seqha sa hae a di fefole sa mmoko!


E mong o tla re: ‘Nna ke wa Morena;’ e mong yena a ipitse ka lebitso la Jakobo, wa boraro a ngole, a ngole ka letsoho la hae a re: ‘Nna ke wa Morena!’ ebe o ipitsa ka lebitso la Iseraele.”


Ka ho loka ha ka ke susumeditse Siruse, tsela tsa hae tsohle di tla otlollwa ke nna. O tla tsosa marako a motse wa ka, a be a lokolle bathopuwa ba ka, a ba lokolle ntle ho theko kapa moputso,” ho rialo Morena wa mabotho.


Jwale dinaha tsena tsohle ke di neile mohlanka wa ka, Nebukadenesare, kgosi ya Babilona; ke bile ke mo neile le diphoofolo tsohle tsa naha hore di mo sebeletse.


Dinako le mehla di fetolwa ke yena, o diha dikgosi a ba di hlomamise; bahlalefi ba hlalefiswa ke yena, ba nang le kutlwisiso a ba abele tsebo.


Wena kgosi, o kgosi ya dikgosi, hobane Modimo ya lehodimong o o neile mmuso le bolaodi le matla le tlotla.


Baahi bohle ba lefatshe hase letho; o etsa thato ya hae ka mabotho a lehodimo, le ho baahi ba lefatshe o etsa jwalo. Ha ho ya ka thibelang tsoho la hae, kapa a re ho yena: ‘O etsang jwale?’


“Oho, wena kgosi, Modimo ya hodimodimo o ne a nee ntatao Nebukadenesare, mmuso le botlotlehi le tlotla le hlompho.


O ikgohomoseditse Morena ya lehodimong. Ba o tliseditse dinwelo tse tswang ka Tempeleng ya hae, mme wena le mahosana a hao, le basadi ba hao, le basadi ba hao ba mafielo, le nweletse veine ka ho tsona. O ile wa rorisa medimo ya silefera, le ya kgauta, le ya lethose, le ya tshepe, le ya lehong, le ya lejwe, e sa boneng, e sa utlweng, e sa tsebeng letho. Empa ha o a ka wa tlotlisa Modimo eo bophelo ba hao le metsamao yohle ya hao e leng ka letsohong la hae.


PARESINE ke ho re: Mmuso wa hao o arotswe, o neilwe Bamede le Maperesiya.”


Daniele a atleha haholo pusong ya Dariuse le ya Siruse wa Peresiya.


Meneka, o bobole, wena Moradi wa Sione, o ke ya tshwerweng ke mahlaba a pelehi, jwale o tla tswa kahara motse, o tswe, o yo aha nahathothe. O tla tsamaya, o ye Babilona, ke hona moo o tla pholoswa teng, Morena o tla o lopolla o le hona moo, a o namolele matsohong a dira tsa hao.


Jwale re tla reng ka ditaba tsee? Ha Modimo a eme le rona, ke mang ya ka re lwantshang?


ကြှနျုပျတို့နောကျလိုကျပါ:

ကြော်ငြာတွေ


ကြော်ငြာတွေ