Biblia Todo Logo
အွန်လိုင်း သမ္မာကျမ်းစာ

- ကြော်ငြာတွေ -




2 Dikronike 36:22 - BIBELE

22 Ka selemo sa pele sa puso ya Siruse, kgosi ya Peresiya, Morena a susumetsa kgosi eo hore e etse phatlalatso mmusong wohle wa yona, ho tle ho phethahale polelo ya Morena eo a neng a e bolele ka Jeremia. Kgosi ya e ngola, ya re:

အခန်းကိုကြည့်ပါ။ ကော်ပီ

Sesotho 1909/1961 (SO)

22 Ka selemo sa pele sa Siruse, morena wa Persia, ho tle ho phethehe lentswe la Jehova le neng le boletswe ka molomo wa Jeremia, Jehova a susumetsa pelo ya Siruse, morena wa Persia, hore mmusong wohle wa hae a tsamaise tsebiso e ngodilweng, e reng:

အခန်းကိုကြည့်ပါ။ ကော်ပီ




2 Dikronike 36:22
24 ပူးပေါင်းရင်းမြစ်များ  

Morena a hlahisetsa Solomone sera se mo lwantshang, e leng Hadade wa Moedomo, wa lelapa la kgosi ya Edomo.


Modimo a boela a hlahisetsa Solomone sera se seng, e leng Resone, mora wa Eleada, ya neng a balehe monga hae Hadade-Esere, kgosi ya Soba.


Ka baka leo, Modimo wa Iseraele a hlohleletsa Pule, kgosi ya Asiria, e leng Tigelate-Pilesere, hore a thope ba morabe wa Rubene, le ba morabe wa Gade, le halofo ya setjhaba sa ba morabe wa Manase, a ba ise Hala, le Habore, le Hara, le nokeng ya Gosane, moo ba ntseng ba ahile teng le kajeno-ya-bokajeno.


Hape Morena a etsa hore Bafilesita, le Maarabia a neng a ahelane le Bakushe, ba hloye Jehorame.


Ba phatlalatsa hara naha yohle ya Juda le Jerusalema, hore ho tlisetswe Morena tjhelete ya lekgetho, eo Moshe, mohlanka wa Modimo, a ileng a re Baiseraele ba tle ba e ntshe, ha a ne a le lehwatateng.


Ba etsa taelo ya hore naheng yohle ya Iseraele, ho tloha Beeresheba ho ya fihla Dane, ho phatlalatswe hore batho ba tle Jerusalema ho tla etsetsa Morena Modimo wa Iseraele, mokete wa Paseka, hobane e ne e le ba mmalwana feela ba neng ba e keteka jwalokaha ho ngotswe.


E ne e le hore ho phethahale dipolelo tsa Morena tse neng di bolelwe ke Jeremia, ha a ne a re: “Ho fihlela dilemo tse mashome a supileng di fela, naha e tla lala ka nako yohle eo e ntseng e hloka baahi ka yona.”


“Siruse, kgosi ya Peresiya, o bua tjena: ‘Morena Modimo wa mahodimo, o nneile mebuso yohle ya lefatshe, mme o ntaetse hore ke mo hahele Tempele Jerusalema, naheng ya Juda. E mong le e mong wa setjhaba sa hae, ya teng mona hara lona, ke re Morena Modimo wa hae, a ke a be le yena, mme eo a nyolohele hona teng.’ ”


Jwale dihlooho tsa malapa a ba morabe wa Juda, le wa Benjamine, le baprista, le Balevi, le bohle bao Morena a neng a susumeditse meya ya bona, ba itokisetsa ho ya haha Tempele ya Morena Jerusalema.


Ke nna ya reng ho Siruse: ‘O modisana wa ka, o tla phetha tsohle tseo ke di ratang; o tla re thako tsa Jerusalema di tsoswe, o re metheo ya Tempele e ralwe.’ ”


Ka ho loka ha ka ke susumeditse Siruse, tsela tsa hae tsohle di tla otlollwa ke nna. O tla tsosa marako a motse wa ka, a be a lokolle bathopuwa ba ka, a ba lokolle ntle ho theko kapa moputso,” ho rialo Morena wa mabotho.


“ ‘Etlare ha dilemo tse mashome a supileng di fetile, ke otle kgosi ya Babilona le setjhaba sa yona ka baka la bokgopo ba yona, naha ya Bakalatiya ke e fetole nanaola ya kamehla yohle,’ ho rialo Morena.


Bakalatiya le bona ba tla sebeletsa ditjhaba tse ngata le dikgosi tse matla, ke ba otle ho ya ka diketso tsa bona le mesebetsi ya matsoho a bona.’ ”


“Morena o bua tjena: ‘Ha dilemo tse mashome a supileng tse baletsweng Babilona di fela, ke tla le hopola, ke phethahatse tshepiso ya ka ya ho le hauhela ke le kgutlisetsa sebakeng sena.


Ka selemo sa boraro sa puso ya Siruse, kgosi ya Peresiya, Daniele, ya neng a bitswa Beleteshasare, a fihlelwa ke molaetsa. Molaetsa ona e ne e le nnete, empa o le thata hore motho a o utlwisise. Daniele o ile a senolelwa molaetsa ona ka pono, mme a o utlwisisa.


Daniele a atleha haholo pusong ya Dariuse le ya Siruse wa Peresiya.


Morena a susumetsa Serubabele, mora wa Shealetiele, mmusisi wa Juda; a susumetsa le Joshua, mora wa Jehosadake, Moprista e Moholo, le masalla wohle a setjhaba. Yaba ba a tla, ba qala ho haha Tempele ya Morena wa mabotho, Modimo wa bona.


A re tiisetseng ho bolela tshepo ya rona re sa thekesele, hobane ya re tshepisitseng o a tshepahala.


Ka baka leo, ke a o rapela, monga ka, kgosi ya ka, ako mamele mantswe a mohlanka wa hao. Haebe ke Morena ya o susumeditseng hore o ntwantshe, ha a mpe a amohele nyehelo. Empa haeba ke batho, ba ke ba rohakehe mahlong a Morena, hobane kajeno ba ntelekile naheng eo e leng ya Morena, ba re: ‘Tsamaya, o yo sebeletsa medimo e meng.’


ကြှနျုပျတို့နောကျလိုကျပါ:

ကြော်ငြာတွေ


ကြော်ငြာတွေ